By Mosa Mojonothoane

MASERU

E le o mong oa mehato ea pele tšebetsong ea hae, Monamoli Mofumahali Tlotliso Polaki o ntse a potoloha le naha ho hlahloba litsi tsa bophelo, tsa poloko ea batšoaruoa le tsa poloko ea ba palehong.

Sena se tlalehiloe ke Raliphatlalatso oa Ofisi ea Monamoli Mofumahali ‘Mathabiso Phelane puisanong e khetheileng le Lentsoe la Sechaba bekeng e fetileng.

O tlalehile ha mohato ona o qalile seterekeng sa Maseru libekeng tse tharo tse fetileng, moo teng ba seng ba hlahlobile setsi se seholo sa batšoaruoa ba banna, basali le bana, sepetlele sa Queen ‘Mamohato Memorial Hospital le sa Makoanyane le Mohlomi.

Tsebetso ena e tla tsoelapele seterekeng sa Mafeteng bekeng ena.

 “Mosebetsi o moholo oo re ntseng re o etsa libakeng tsena ke ho hlahloba maemo a bohloeki, a tšebetso le a bophelo ba ba polokelong esita le bahlokomeli ba bona. Mosebetsi ona o bohlokoa haholo hore re tsebe hore na litokelo tsa mantlha tsa botho li ntse li eloa hloko, ‘me re fane ka boeletsi moo ebang bosebeletsi ba sechaba bo ntse bo loba litaba,” Phelane a hlalosa.

O boetse a re ha mosebetsi ona o phetheloa, ho tla ba le tlaleho e akaretsang seo ba se fumaneng mafapheng ana, e tla lebisoa ho makala a ikarabellang e se e bile e kenyellelitse litharollo tse ka etsoang mathateng ao e bang a teng. O tšepisitse  hore tlaleho ena e tla aroleloa sechaba ha e se e le teng.

Phelane o qhololitse sechaba ho atamela Ofisi ea Monamoli khafetsa ha se na le litletlebo litabeng tsa bosebeletsi ba sechaba, a re ke mosebetsi oa eona ho kena lipakeng moo ho nang le li qhoaketsano tse amang Makala le Likoporasi tsa ‘Muso.

Motho ofe kapa ofe, kapa sehlopha sa batho se ka tletleba ho Monamoli ka bosebeletsi bo seng botle jokaloka ho hlokeloa toka, tšebeletso e mpe, bobolu, khatikelo ea litokelo tsa mantlha tsa botho le tšenyeho ea tikoloho. Ha ho hlokahale hore motho e be Mosotho hore a tletlebe ho Monamoli, batho bohle ba amohelehile. Le ha ho le joalo, ha ho uoe ho Monamoli hang ha tletlebo e hlaha, molli o tlameha hore a qale pele ka ho isa tletlebo ea hae ho ba ikarabellang lekaleng kapa koporasing eo a llang ka eona, ‘me ke feela ha a hlotsoe kapa a sa fumana thuso a ka isang tletlebo e joalo ho Monamoli.

Ho latela tlaleho ea Mofumahali Phelane, sechaba se ka una molemo oa puso ea sechaba-ka-sechaba ka ho sebelisa Ofisi ea Monamoli, ‘me sa kenya letsoho ka kotloloho litabeng tsa ho lokisa bosebeletsi ba sechaba. E meng ea melemo ke ea hore litšebeletso tsa Ofisi ea Monamoli ha li lefelloe kaha litaba tse neng li ka ea makhotleng a baahloli ka litšenyehelo tse boima li sejetsoa ntle le tefo ea letho, le hore likhothaletso tsa Monamoli tse ipapisitseng le lipatlisiso tsa hae li thusa ho matlafatsa bosebeletsi ba sechaba ha li phethahatsoa – ka kotloloho, Monamoli o kenya letsoho kholong le ntlafatsong ea puso e nepahetseng.