By Liapeng Raliengoane
MASERU – Maele a Sesotho a re basali ke tau li mesana. Kajeno re tla bua ka pulamaliboho ea mosali oa Mosotho thutong, eleng Dr. ‘Masechele Caroline Khaketla, e le eena mosali oa pele oa Mosotho oa ho ba le lengolo la bongaka thutong (PhD), hape oa pele oa ho tseba ho qhoba koloi.
Puisanong le Sebokelli sa Nalane, Monghali Mahlomola Letsie o itse Dr. Khaketla o ne a hlahe e le Ntšeliseng Ramolahloane ka la 1 Pherekhong 1918, Berea. O ile a kena likolo tsa mathomo Liphiring le Siloe Mohale’s Hoek.
A pasa Paliso (standard 6) ka linaleli ka 1932. A fetela Morija moo e ileng ea eba mosali oa pele oa mosotho oa ho abeloa lengolo la thuto e bohareng (Junior Certificate). A fetela Fort Hare University college moo ka 1941 ebileng mosali oa pele oa Mosotho oa ho abeloa lengolo la Bachelor’s Degree lekaleng la thuto.
Letsie a hlalosa hore Dr. Khaketla o ile a ruta Lovedale Missionary Institute, a ruta sekolong sa banana sa Thabana Morena, a nto fetela ho ruta sekolong se seholo sa Morija moo a ileng a kopana le molekane oa hae, ebile e le sengoli se tummeng, ntate Makalo Bennett Khaketla.
“‘Moho ba ile ba ruta sekolong se phahameng sa Basutoland Maseru. Ba ile ba sitsoa ka bana ba tšeletseng, emong oa bona ke Dr. ‘Mamphono Khaketla, Letona la mehleng la lichelete,” Letsie a rialo.
A bontša hape hore Dr. Khaketla ke Mosotho oa pele oa ho ba le sekolo se ikemetseng ha a ne a theha sekolo sa mathomo sa Iketsetseng ka 1960. Ka 1988 Iketsetseng ene e-na le barutoana ba fetang sekete ka palo. Har’a barutoana ba teng ebile Mofumahali ‘Mamohato Bereng Seeiso le Khosi Rabasotho Letsie III.
“O boetse ke mosali oa pele oa Mosotho oa ho khanna koloi. Hape ke mosali oa pele Lesotho oa ho fuoa lengolo la bongaka thutong la tlotlo la lingoliloeng (Honorary PhD) ke Sekolo se Seholo sa Sechaba NUL ka 1983. Ke Mosali oa pele oa Mosotho oa ho fuoa lengolo la bongaka thutong (Honorary PhD) ke Fort Hare University ka 2001,” Letsie a tsoelapele.
“Hape ke mosali oa pele Lesotho oa ho etsoa letsoho la Moahloli ka khotla (High Court Judge’s Assessor) ka 1979. O sebelitse e le emong oa litho tsa lekhotla la Sekolo Se Seholo sa Sechaba (Council of NUL) hape ea eba setho sa boto ea merero ea ntšetso pele ea naha (National Planning Board),” ho rialo Letsie.
Ha a liela likhala, Letsie o itse bophelong ba hae Dr. Khaketla, o ngotse libuka tse leshome le motso o le mong tsa Sesotho tse kenyelelitseng lithothokiso, tsona ke: ‘Mantsopa le Molamu oa Kotjane, Mosiuoa Masilo, Mosali eo u ‘neileng Eena, Pelo ea Monna, Ka u lotha, Mahlopha a Senya, Ho Isa Lefung, Molekane ea Tšoanang le Eena, Khotsoaneng, Selibelo sa Nkhono le Maoelana a hlompho.
A re ka selemo sa 1997 o ile a fumana Khau ea Khauta ea Boiphihlelo (Gold Record of Achievement) ho tsoa setsing sa America sa Lipoloko tsa Boleng (American Biographical Institute).
“Dr Khaketla o qetile lilemo tse 40 kaofela a ruta bana ba sechaba likolong. O ile a hlokahala a le lilemo li 94 ka 2012, a pateloa setšeng sa bafu sa Kokobela, Maseru,” Letsie a li fera.