By Liapeng Raliengoane

MASERU – Ke barutoana ba likolo tse phahameng ba balloang ho feta 17 825 ba tlang ho fumana lihlapiso ho tsoa lekaleng la Boiketlo ba Sechaba monongoaha, ‘me chelete e tla sebetsa e hakanyetsoa ho M76 million.

Sena se boletsoe ke Letona la Tekano, Bacha, Lipapali, Boithapollo le Boiketlo ba Sechaba  Mohlomphehi Pitso Lesaoana ha a ne a fana ka tlaleho ea lithuso tsa barutoana ba kenang likolong tse phahameng bekeng e fetileng.

Mohlomphehi Lesaoana o itse manane ana a tla fumaneha literekeng tsohle e le hore barutoana le bohle ba amehang ba ipone ba be leseling.

A tlatseletsa ka hore ke chelete e hakanyetsoang ho M76 Million e tlang ho thusa barutoana ba hakanyetsoang ho 35 000 – 40 000 selemong sena ha ho bapisoa le M94 Million ea barutoana ba 26 000 ngoahola.

O hlalositse hore ke litereke tse robong (9) tseo sephetho sa tsona se tsoileng ‘me teng ke barutoana ba 10 128 ba fetileng ka katleho likopong tsa ho fumantšoa lithuso. Ha ba 3210 bona likopo tsa bona tsa ho fumantšoa lihlapiso li sa atleha.

Maseru eona ha ho e-so qetoe ka eona kaha e le setereke se seholo empa tebello ebile hore beke e tla feela ho isitsoe ka ‘moho.

Mohl. Lesaoana o hlalositse ha mabaka a entseng hore likopo tse ling li se atlehe  e le hara tse ling: barutoana bao batsoali ba bona ba sebetsang, barutoana bao lilemo li seng li feta leshome le metso e robeli (18), ho hloka litokomane, le mabaka a mang a sa fihlelleng lipehelo tsa bokopi kaha lithuso tsena li etselitsoe ho thusa barutoana ba hlahang malapeng a hlokang ka nnete le ka tieo.

A hlalosa hape hore ka thuso ea Banka ea Lefatše, ka lenane la eona le  matlafatsang thuto le bitsoang Basic Education Strengthening Project (BESP), ke barutoana ba 2152 ba atlehileng ho fumana lihlapiso ‘me lenane lena le ka thoko ho lenane la lekala la Boitletlo ba Sechaba le boletsoeng ka holimo.

Makhotla a puso ea Libaka a hlaoauweng ho tsoa literekeng bakeng sa lithuso tsa Banka ea Lefats’e (BESP) ke Berea: Makeoane. Butha-Buthe: Nquoe. Leribe: Matsoku. Mafeteng: Mamatso. Maseru: Kubake le Makhoalipane. Mohale’s Hoek: Thaba-Mokhele, Lithipeng le Qhoasing. Mokhotlong: Mphokojoane. Qacha’s Nek: Ntsupe. Quthing: Telle le Motjanyane. Thaba- Tseka: Linakeng, Bokong le Litsoetse.