BY : Liapeng Raliengoane

MASERU – Mohlaisi oa lijo tlatsetso tse entsoeng ka lero la litlama o re litlama li fana ka bophelo ‘me takatso ea hae ke ho bona Basotho ba utloisisa ebile ba li sebelisa.

Monghali Lebohang Machakela oa Ha Leqele, o re o hlaisitse lijo-tlatsetso tse bitsoang “Once Off” ka peo ea moroho oa Sesotho o bitsoang leshoabe.

Monghali Machakela o itse o lakatsa ha Basotho ba ka utloisisa le ho ananela hore litlama li entsoe ke Molimo hore li tlise bophelo ho batho

O tsoetsepele ho hlalosa hape hore lijo-tlatsetso tsena li le molemo haholo ho batho ba nang le mathata a o hara a mang a kenyeletsang a mahlo, ho lokisa boko, mathata a sebetse le tse ling.

O itse ho tloha ka 2015 ha a ne a qala ho li hlaisa, o bone batho ba bangata ba thuseha mathateng ao ba neng ba e-na le ona a bokuli, ‘me joalokaha lebitso la tsona li bolela, ba sebelisitse botlolo e le nngoe feela.

Ha a hlalosa se ileng sa mothokola ho hlaisa lihlaisoa tsena, Monghali Machakela o itse “Ha ke tla qala ho hlahisa lijo-tlatsetso tsena ke ne ke hlokometse hore Basotho ba bang ba hloka kalafo joale bothata ke hore ba likojoana li mahetleng ‘me ka thola boeletsi ho e mong motsoalle oa ka ea ileng a bona ha ke hlaisa litlotso ka tsona litlama eaba o nkeletsa hore ke hlaise lijo tlatsetso ka tsebo eno eaka ea litlama. Eaba kannete ke nka keletso eo, etsoe keletso e le lebone. Ka hlaisa lijo-tlatsetso tsena ebile li fumaneha ka litheko tse tlaase, ebile e le tsa boleng, hore le Basotho ba likojoana li mahetleng ba atlehe ho li reka.”

Mohlahisi enoa a hlalosa ha chebelo-pele ea hae e le hore a ipone a hlaisa ka bongata ebile li fumaneha libakeng tse ngata kaha ha joale li sa ntse li fumaneha ho eena feela.

A re le eena e le Mosotho, o reka lihlaisoa tsa Basotho kaha libotlolo le tsohle tse hlokahalang a li reka kahare ho naha.

Ha a ntse a hlaisa, o itse liqholotso tse kholo ke tsa mmaraka o siko, kaha ho se moo lihlaisoa tsena tsa hae li fumanehang mabenkeleng kappa ho Basotho k abo mong. A re bothata bo bong ke ba ho hloka lipotomane tse lekaneng ho hlaisa ka bongata bo a labalabelang ho hlaisa ka bona.

Hofihlela joale, Monghali Machakela o entse lihlaisoa ka lero la tapole, moroho oa seruoe, oa bobatsi le metsi a koporo.