By Liapeng Raliengoane

BEREA – Sechaba sa Basotho se bonahala se itihetse ka setotsoana ho itšoarela ka matsoho, ho qala likhoebo le ho theha mesebetsi.  Lipehelo tsa Moshoelella tsa Mongoaha-kholo (SDG) e tla ba toro e phethahalang, pehelo ea pele ea ho hlola bofuma (SDG1), tlala e siko (SDG2) le litoropo le le metse e itšematletseng (SDG11) ke tse ling tsa lipehelo tseo baahi ba Ha Ntlama, Berea ba kentseng matsoho mobung ho li phethahatsa.

Sena se latela hore basali ba 28 le banna ba 12 ba Malimong Ha Ntlama ba ikopanye ho hlola bofuma, tlhokahalo ea mesebetsi le litlolo tsa molao ka ho hlaisa litlotso tseo ba li etsang ka lekhala, torofeiee le lengana hona Berea moo.

Maele a Sesotho a re kopano ke matla! Litho tsena tseo boikopanyo ba tsona bo bitsoang Lerato Credit Union, li itse takatso ea tsona ke ho hlaisa lihlaisoa tse ngata hoo bacha mmoho le tsona litho li tlang ho iphilisa, ho hlola bofuma le tlhokahalo ea mesebetsi.

Puisanong le Lentsoe la Sechaba, Mongoli oa mokhatlo ona Mofumahali ‘Manthabiseng Phalatsa o itse ba hlaisa litlotso tsa letlalo le moriri tseo ba li etsang ka lekhala, lengana le torofeiee tseo lebitso la tsona e leng Botle. A re morero ona o qalile ka Phato ngoahola ‘me chebelo-pele ea bona ke hore ba hlole bofuma, ba hlaise mesebetsi ba bile ba ntse ba hlaisa lihlaisoa tsa boleng tse etsang letlalo le ngobetseng le sireletsehileng mahlaseling a letsatsi le serameng.

Ha a tsoelapele, Mofumahali Phalatsa o itse takatso ea bona ke ho bona ba hlaisa haholo hofeta ka moo ba ntseng ba hlaisa ho isa moo bat la iphumana ba hirile bacha, mesebetsi e hlaile le sechaba se itšimatletse, se iphilisa e se mekopa-kopa.

“Morero o mong ke hore mokhatlo oa rona o be le mokotla, re fumane mmaraka, re fepele mabenkele le bahoebi ba mefuta eohle,” a li teka joana mongoli oa mokhatlo.

Ntlheng ea mathata ao ba kopanang le ona, Mofumahali Phalatsa o itse bothata bo boholo ke ba bareki ba nkang thepa ka mokitlane  e be ba lieha ho patala kapa ba qetelle ba sa patala, sena e be se phethahatsa mantsoe a reng monokotšoi ha o butsoe ho latela litakatso tsa tšoene . A eketsa hape ho hlalosa hore, hofihlela joale, lihlaisoa tsena li sa ntse li fumaneha ho bona feela.

Ha a menyeletsa mepotjoane, o hlalositse hore le bona e le mokhatlo ba lumela ho ho holisa likhoebo tsa Basotho,  ka hoo ba reka thepa eo ba e sebelisang, e kang libotlolo le tse ling kahara naha. Le hoja a itse ba ntse ba e-na le qholotso ea thepa e nngoe eo ba e latang Afrika Boroa kaha ba e-so fumane bahlaisi ba eona kahara naha.

Mokhatlo oa Lerato Credit Union ke o mong oa mekhatlo ea lipoloko le likalimo e metseng, eo baahi ba ikopanayang ho bokeletsa lichelete e le o mong oa mekhoa ea boikhohollo bofumeng ‘me e tlasa ‘Mamekhatlo oa mekhatlo ea lipoloko le likalimo tsa lichelete Lesotho (LCCUL).