BY : Lebohang Lenetha

THABA-TSEKA

Morena oa Ha Moqekela le Sepolesa sa Thaba-Tseka ba seboko ka bosholu ba linku bo bonahalang bo aparetse motse.

Ha a buisana le Lentsoe la Sechaba, Morena Khosimotse Ntaote o itse kaha ha ba na motlakase motseng, masholu a li liphoofolo a nka monyetla ka lefifi ho ba senyetsa ‘me o ipiletsa ho ‘muso ho ba kenyetsa motlakase pele ba aha serobe phiri e se jele.

“Masholu ana ha ba qeta ho utsoa linku, hobane ke tsona liphoofolo tse atisang ho utsuoa, ba tsamaea le tsona ho ea li rekisa, ba bang ba li hlaba hoo re se re tla kopana le makoko naheng, ba bang ba ea li kuta ebe ba rekisa boea ba tsona ha ba bang ba bona ba li rekisetsa Afrika Boroa,” ke Morena eo.

Morena Ntaote o boetse a supa hore ha ngata ho feta ha nyane linku tseo ba li fumana li se li sa fella ka palo kapa li se li kutuoe boea ba tsona. “Re thehile mokhatlo oa batho ba batlang masholu a jwalo, ‘me ha re ba fumane re ba isa ka pele ho lekhotla hore ba ahloloe,”a rialo.

Mookameli oa ofisi ea thibelo ea bosholu ba liphoofolo Thaba-Tseka, Inspector Tsebisang Nyai o boletse hore Thaba-Tseka ke motse o ruileng linku haholo, ‘me hoo ho e beha tlokotsing ea masholu a liphoofolo hape a re ba lula ba fumana litlaleho tse ngata tsa bosholu ba liphoofolo ka nako e khutsoane. A re ha ngata batho ba qetang ho lokolloa chankaneng, ba tsoa moo ba thehile setsoalle le batho ba bang ba metse emeng, ebe ke moo batla rerang ho kopana ha ba se ba le ka ntle hore ba chakelane metseng ea bona ho lo utsoa liphoofolo. O boetse a tiisa hore ha ngata masholu a sebetsa le batho ba motseng hobane ha ho bobebe hore motho a ka kena motseng oo a se nang leseli ka oona a nto o utsoetsa.

A re ha ba fumana tlaleho ea bosholu bo joana, ba batla lengolo la morena le pakang hore efela molli a e na le mehlape, ebe batla etsa liphuputso ‘me ba ntse ba sebelisana ‘moho le sechaba. Ebe ha setlokotsebe se joalo se fumanoe, se tla isoa kapele ho lekhotla hore se ahloloe. Ntle le moo ba lula ba eletsa sechaba hore se thehe mekhatlo e matla ea mahokela metseng, se ruoe le li ntja kaha li ka thusa ho kata bosiu ha ho rojoetsoe.

Ho bonahala liphoofolo tse tlokotsing haholo e le tse phelang metseng ho feta tse thabeng kapa metebong hobane ha ngata li ntja tsa metebong li bohale.