BY : Liapeng Raliengoane

Butha Buthe – Kamorao ho ho hlaeloa ke mafu a liofisiri tse hlano selemong sa 2022 le ho ikopela mahlohonolo a selemo se secha, setsi sa tlhabollo ea batšoaruoa sa Butha buthe se ile sa tšoara thapelo ho ipeha ho Molimo bekeng e fetileng.

Puisanong le Mookameli oa Setsi sa Tlhabollo sa Butha Buthe, Senior Superintendent Neo Moramotse o hlalositse ha lebaka la ho tšoara tšebeletso ea thapelo eo ba neng ba memme boemeli ba likereke le boemeli ba barapeli ba mapolesa, e ne e le ho ipeha ho Molimo selemo se sa qala. Ho leboha ka leeto leo ba le tsamaileng le leo ba le qalang ka 2023.

A re sena hape ke ho beha setsi le bohle, kaha ngoahola setsi se ile sa lahleheloa ke liofisiri tse hlano, tsa felloa ke bophelo ka mabaka a fapakaneng a lefu, ‘me ba bang e ne bile e le mafu a tšohanyetso.

Likatleho tseo ba bileng le tsona e le setsi, Senior Superintendent Moramotse o itse ke hore hara mafu ao a ileng a hlaha, ha ho ka ba ha e-ba le haele motšoaruoa ea phonyohang kapa ea balehang setsing hoba joale liofisiri li fokola, empa ba ile ba nna ba sebetsa hantle ho se mathata.

Likatleho tse ling, Mookameli enoa oa setsi, o itse ke hore ka thuso ea bahoebi, ba ile ba tšoara mokete oa phano ea likhau ho liofisiri tse ipabotseng mafelo a selemo se fetileng.

O ipilelitse ho bahoebi le Basotho ba boithatelo bo botle ho nanabetsa letsoho ho setsi ka ho reka lipeo, hore ba hlaise lijo joalokaha ba sentse ba hlaisa ka lebaka la bahoebi ba ileng ba nanabetsa letsoho.

A re chebelo pele ea bona e le setsi ke ho iphumana ba foroma setene ‘me ba se rekisa ho khahlametsa mmuso le ho nyolla mokotla oa setsi. A ipiletsa ho bahoebi le Basotho ba boithatelo bo botle ho etsa letsoho la monna ke mokolla hore toro ena e phethahale. 

“Ke hopola hore re qoqeloa kamehla hore matlo a motse a haufi le setsi sena a ahuoe ka setene se neng se etsoa hona setsing mona lilemong tsa ho feta. Toro ea rona ke hore re khutlele boemong boo ba ho hlaisa litene,” a li teka joana Senior Superintendent Moramotse.

O tsoetsepele ho hlalosa hape, hore setsi se na le mokhoa oo batšoaruoa ba ithutang ho roka, ‘me toro ea bona ke hore ho be le mechine e rokang, le setsi (centre) seo e ntseng e le sa setsi sa tlhabollo, empa se ahuoe kathoko ho setsi, seo batla ithutela le ho etsetsa tsena tsohle teng.

Tsena tsohle Senior Superintendent Moramotse o hlalositse setsi se li etsa hore batšoaruoa ba ithute ho iketsetsa ka maotsoho a bona, ba tsebe ho fetola bophelo ba bona ha ba e-tsoa tlhabollong, ba se hlole ba khutlela litlolong tsa molao.

O lietse likhala ka ho leboha bohle bahoebi ba ntseng ba thusa setsi nakong ena eo mmuso o ntseng o sena lichelete ho fihlella litlhoko tsohle tsa setsi.