By Liapeng Raliengoane

BEREA – E le ho imolla barutoana ba neng ba se ba kenela ka ntlong ea Moruti le ea likhoho, Lekala la Thuto le Koetliso le abetse Sekolo sa Mathomo sa Koalabata liphaphosi tse peli tsa ho rutela maobane.

Ha a teka sepheo sa letsatsi, Mongoli e Moholo oa Lekala la Thuto le Koetliso Dr. Lira Khama o itse mabaka a mabeli ao ho khobokanoeng ka ona. La pele ke hobane sekolo sa Mathomo sa Koalabata se tlilo abeloa liphaphosi tse peli tsa ho rutela. Lebaka la bobeli ke hore ba kenye letsoho ho susumetsa tjantjello ea thuto ho barutoana ka ho apara joaloka bona seaparo sa sekolo.

Mosuoe-hloho oa Sekolo sa Mathomo sa Koalabata Mofumahali ‘Mamothobi Thabana o lebohile lekala ka liphaphosi kaha barutoana ba ne ba ruteloa ka ntlong ea moruti ha ba bang ba ne ba ruteloa ka ntlong ea likhoho hona sekolong moo.

Mofumahali Thabana o hlalositse ha sekolo sena se bile teng ho tloha ka selemo sa 1986. A re haesale sekolo se matha lekaleng se kopa ho thusoa ka liphaphosi tsa ho rutela ka nako e telele ‘me oa leboha hore qetellong taba eo e ba tsoaletse namane e tšehali.

“Matloana a boithuso le ona e ntse e le bothata, e ile ea re ha ho lokisoa tsela ena ea Koalabata, mokontreraka ea neng a e lokisa a re ahela matloana le phaphosi. Matloana ao a ntse a sa lekana ho latela lenane la bana. Ke boetse ke ipiletsa hore re ekeletsoe matloana le ntlo ea ho phehela,” a rialo mosuoe-hlooho.

“Lijo tse fepang bana ba sekolo li lula motseng hoba re hloka phaphosi e li bolokang sekolong mona. Liphaphosi tse peli tsena li tlo thusa haholo hoba li tlo imolla ntlo ea moruti le ea likhoho tseo re neng re se re rutela ka ho tsona,” a li fera joana.

Lebitsong la boto ea sekolo, Molulasetulo oa boto Monghali Laranyane Makhethe o itse o lebohela sekolo haholo ka liphaphosi tsena kaha e ne se e le lilemo tse ngata haholo sekolo se ntse se kopa ‘me kajeno sello sa sekolo se arabetsoe.

Ha a liela likhala, Letona la Thuto le Koetliso Professor Ntoi Rapapa o boletse ha moaho ona e le o mong oa e 14 eo ‘muso o mocha ha o kena tšebetsong o hlophileng hore e fumane nanabetso.

A hlalosa ha morero o mong o bileng o qalang hona selemong sena, e le oa hore Mantaha o mong le o mong oa ho qetela oa khoeli ea pele selemo le selemo, naha e le tšoae ka ho apara liaparo tsa sekolo e be motho ka mong o thusa sekolo sa khetho ea hae ka hohle ka moo a ka khethang ho etsa. Prof. Rapapa o itse sena ke hore barutoana ba tšehetsoe thutong ea bona.

A tsoelapele ho bontša hore e le ho etsa mohlala, bahlanka ba lekala la thuto le koetliso ba ikopantse ho rekela barutoana ba bashanya ba 6 le ba banana ba 6 ba hona Sekolong sa Mathomo sa Koalabata ka ho ba rekela lietsa tsa sekolo le mesangoana molemong oa barutoana ba banana ba seng ba bona linako tsa bona, ‘mmoho le liphahlo molemong oa ba banyenyane ba kenang sekolo sa konyana hona sekolong moo.