By Thoboloko Nts’onyane

MORIJA – Ele mohato oa ho baballa le ho khutlisa liletsoa tsa Basotho Morija Arts Centre le Morija Museum and Archives li kene lets’olong la ho baballa le ho ruta ka bohlokoa ba liletsoa tsa Basotho tlasa morero oa Sound Connects Project.

Mohokahanyi oa morero, Ansa Fungurani o itse ba ile ba lemoha hore tse ling tsa liletsoa tsa Sesotho li tlokotsing ea ho nyamela kaha ka baka la kheello ea tsebo ea ho liletsa le ts’beliso ea tsona.

O itse le liaea-le-moeeng ‘mino o letsoang ka liletsoa tsa Sesotho.

Fungurani o itse engoe ea li mekhahlelo ea morero oa bona ke oa liphuputso moo teng ba fumaneng le batho ba li letsang.

Mohokahanyi o itse ba ile ba ruta matichere ele hore ba tsebe ho fetisa litsebo ho bana ba sekolo.

Tse ling tsa liletsoa tseo ba sebelitseng ka tsona le ho fumana batho ba ntse ba tseba ho li letsa ke mokhope, sekebenku, thomo, ‘mamokhorong, lesiba, lekolulo, le setololo.

Mohlokomeli oa Morija Musuem and Archives, Mong. Steven Gill o itse morero o na o qalile ngoahola ka Pherekhong.

Mong. Gill o itse le hoja morero o na o fihla pheletsong tabeng ea ts’ehetso ea lichelete, hase ho feela ha sepheho sa ho tsosolotsa lerato le ho sireletsa liletsoa tsa Basotho hore li se nyamele.

O itse hona ke qaleho feela, a re ba rata ha meloko e mecha e rata ‘mino oa Sesotho le liletsoa tsa teng.

Mohlokomeli oa Morija Museum and Archives o boetse a tlotlomatsa Lekala la Thuto kaho kenya lenaneo-thutong liletsoa le ‘mino oa Sesotho.

Molahlehi Matima, seletsi sa ‘mamokhorong o itse hoa lokeleha hore Basotho ba tsebe le ho rata lo letsoa tsa bona.

O boetse a supa hore liletsoa tsa Basotho li ikhethile.

Ho sale joalo, babang ba matichere ba itse ba batla hore matichere a rutoueng ho sebelisa liletsoa tsa setso, ba hiroe ka bongata, me ba ipeletsa ho ‘muso ho ts’ehetsa taba tsena ka lichelete ekasitana le ho hira matichere a nang le litsebo.

Morero o na hara ba bang o ts’ehelitsoe ke kopano ea linaha tsa Europe.

Mohato oa ho baballa liletsoa tsa Basotho

Thoboloko Nts’onyane