By Liapeng Raliengoane

MASERU – Ke baithuti ba mashome a mane a metso e robeli (48) ba abetsoeng mangolo ke sekolo sa Lesotho School of Craft and Development Labohlano le fetileng, ‘me khothaletso e kholo e bile hore ba ilo ithehela likhoebo.

Baithuti ba na ba ne ba ithutela hara tse ling mopheho, moroko, ho sebetsa ka moriri, ho kopanya le ho sebetsa ka lepolanka, le ho lokisa le ho tlotsa lifahleho.

Ha a bua likapesong tsena, Mothehi le Mookameli oa sekolo Mofumahali Ntšepase Mosotho o hlalositse ha a thabetse baithuti haholo ka sena seo ba se fihletseng, kaholimo ho tsohle o leboha Molimo. A re leeto lena ha lea ba bobebe empa kajeno ke bahloli hoba ba apere moqhaka oa tlholo.

Mofumahali Mosotho a tsoelapele ho hlalosa hore ke baithuti ba 48 ba neng ba abeloa mangolo ‘me kahare ho bona ho sentse ho e-na le ba seng ba iqaletse likhoebo tsa bona, joalokaha sekolo sena e le se otlang baithuti hore e-be bahoebi.

“Ho lona baithuti ke re ho lona, batsoali ba lona ba itetse hore e-be le mona moo le teng, tsamaeang le ee ho ba etsa motlotlo le etse phetoho sechabeng le hopole hore sekolong mona re re motho a iketsetse ka matsoho a hae, a thehe mesebetsi,” a rialo Mothehi oa sekolo.

Ha a bua moketeng ona, Mothehi le Mookameli oa Breakthrough Investment Group Monghali Tšolo “Tjeka-tjeka” Thakeli o itse ha a bula Breakthrough o ne a e-na le tumelo le tšepo e hore e tla ba khoebo eo ka eona a tlang ho fumana phunyeletso licheleteng.

A re tlasa Breakthrough Investment Group ho fumaneha Tjeka-tjeka Aluminium Works le Tjeka-tjeka Brick Works. A hlalosa hape hore sekolong o ithutetse Molao le hoja kajeno a etsa ho fapaneng le hoo a ithutetseng hona sekolong. Ebile hape, ke monna oa Mosotho ea bolotseng.

Ho baithuti, a re letsatsi lena le tšoaea qaleho ea mathata kaha e le ha bophelo bo qala, ‘me ba ilo kopana le qholotso e kholo e leng tlhokahalo ea mosebetsi. A ba hlokomelisa hore ha se kaofela ha bona ba ilo fumana mosebetsi.

“Ke le khothaletsa hore le ilo bala libuka tse hahang motho, tse rutang ka tšebeliso e ntle ea chelete le tse fanang ka malebela a ho etsa chelete. Sekolo se entse mosebetsi oa sona oa ho le otla, lona tsamaeang le ilo imatlafatsa ka ho bala libuka, le tsohe hoseng, le hlokomele ho etsa mesebetsi eo boholo ho shebahalang e le menyane joaloka ho alola, ho hlatsoa lijana, ho ikoetlisa, joalo-joalo hoba ke ka ho tšepahalla mesebetsi e menyane eo, le tlang ho ba batho ba sebele.”

“Katleho e tla ho batho ba etsang mesebetsi eo ho thoeng e menyane joaloka eno. Balang libuka hore le be batho ba libopeho li ntle, le rue tsebo le ithute katamelo ea bophelo le ea chelete. Ke tsona lintho tseo nna ke li entseng hofihla mona moo ke teng,” a li teka joalo Tjekzen joalokaha a tsebahala marangrang.

O boetse a ba qoqela pale ea bophelo ba hae, ho tloha ha le monyane ebile a hlahetse lelapeng le neng le kolla ntsi hanong, ho isa ha a se a qetile sekolong se seholo sa sechaba ‘me a ile Afrika Boroa ho fata metsungtsunyane ho isa a khutliselitsoe Lesotho. O re ha bophelo bo se bo sa tamae ka moo a neng a rerile, o ile a qalella ho bala libuka tseo a neng a ile a li fuoa ke motsoalle oa hae ha ba le sekolong, hofihlela ha e tlaba ke mohoebi ea tsebahalang kajeno, o ntse a bala libuka ho imatlafatsa. Taba e kholo eo a e hlalositseng ke hore o mona moo a teng ka bophelo ka lebaka la ho bala libuka.

Moeletsi oa tsa Lichelete Monghali Thabang Busa a khothaletsa baithuti hore ba ilo phela bophelo bo ka tlaase ho chelete eo ba e etsang, ba qobe ho phela bophelo bo fetang chelete eo ba e etsang. Ka mantsoe a hae a re “le qobe ho reka litho tseo le sa li hlokeng, ka chelete eo le se nang eona ho khahlisa batho ba sa le rateng.”

Monghali Busa a liela likhala ka hore tlholisano eo ba ka bang le eona e be le motho ka mong e seng le batho ba bang, motho a be tlholisanong le eena e le hore a iphumane e-ba motho ea fetang eo e neng e le eena maobane. A re hanyane hanyane batla fihla ba be ba ithute ho keteka likatleho tsa bona ho sa tsotelllehe bonyenyane ba tsona.

E mong o aba abetsoeng mangolo, Mofumahatsana Puleng Machepha ea ithutetseng moriri a leboha sekolo ka ho moruisa tsebo e kaalo. A re ho baithuti mmoho le eena ba sebelitse ka thata ‘me kajeno ba keteka tšebetso eo ea bona, sena ke sesupo sa hore bohle ba ka fihlella seo ba se labalabelang ha ba sebetsa ka thata.

Mofumahatsana Lerato Nyakane ea neng a ithuta lepolanka le ho kopanya o itse o ne a sokolisa haholo ka ho kena sekolo kaha a ne a thatafaletsoe eaba ka letsatsi le leng ba ipolella mmoho le metsoalle ea hae hore ba tlile sekolong hobane ba rata sekolo eaba ke mohla ba qalellang ho kena sekolo hantle ‘me kajeno ba keteka katleho ea bona.

Likapesong tsena ho bile teng bahlabolli, le bahoebi ba baholo kahara naha ‘me ba fana ka malebela ho baithuti, hara bona ebile Letele Motebang oa khoebo e bitsoang Khutlo Arts le Katiso Joachim Tsoho oa Joachim Garments.