Ka: Nothembabane Qechane

Maseru

Ka la 16 Hlakubele monongoaha, ho tla’ba le kopano ea lihoai tikolohong ea ha Mabote Filter Clinic Naleli, seterekeng sa Maseru. Sepheo sa kopano ena etlabe e le ho ntlafatsa lihoai ka ho fana ka leseli kapa malebela a ho theha likhoebo tsa kholiso ea likolobe tse tlang ho ba thusa ho fihlela litoro tsa bona leho ntlafatsa likhoebo tse seng li leteng. E ama haholo-holo lihoai tsa likolobe le mang kapa mang ea enang le cheseho ea ho qala khoebo e joalo hosa natsoe maemo a thuto.

“Lihoai ke tsona tse itjarang ka sohle ho fumana lits’ebeletso ka hara kompone ena ea Leseli la lihoai, mme moo ba atlehang ba sebetsa le babusi le marena e le ho khahlametsa le ho ts’ehetsa lihoai mohlala ka li khaolo tsa lithupelo,” ho bolela mookameli ebile ele mothehi oa bohato ba ho fana ka leseli la lihoai Lebohang Mosaola. O boetse o bonts’a hore ba thusa lihoai ka ho li hokahanya le barekisi ba lisebelisoa tsa temo le ho ba tataisa hore ba be boemong ba ho kena kahare ho mmaraka ba tsebe le litebello tsa mmaraka ha ba se ba hlahisitse.

Ha a tsoela pele o bonts’a hore ba fana ka lits’ebeletso tsa bongaka ba liphoofolo le lijalo, le ho rekisa lipeo, meriana ea liphoofolo le ea lijalo seka lichefu tsa likokonyana le seboko. Ba boetse ba thusa lihoai ka ho lingolla likopo tsa lithuso tsa lichelete ho bafani ba amehang. Hape ba thusa lihoai ho elelloa menyetla ea mesebetsi eka hlahisoang ke temo, e le ho tsitsisa temo ka likanta tsohle ho tloha ka hoba fumants’a lisebelisoa, tlhahiso ea lijo masimong le mecha eohle e lateloang hofihlela sehlahisoa se fehlile ho moji.

Leselinyana la Newsday Media joaloka lona leselinyana la Lentsoe la Sechaba, le teng hoba ts’ehetsa ka ho batsebisa ho Basotho ka lingoloa hore ts’ebetso ea bona e fihlele ho batho ba bangata ka ho fapana. Ba boetse ba ena le lithupelo tseo ba litsoariang ekaba ka marang-rang kapa ka ho kopana le lihoai ka seqo e le ho likhahlametsa molemong oa kholo ea khoebo ekaba ka hare kapa kantle ho naha. O qetella kaho bonts’a hore lits’ebeletso tsa bona li a lefelloa kaha e le tsa bosupisi bo ikemetseng.

Monyane Motsamai e le mohlahisi oa likolobe, sepheeo e le thekiso ea nama, o bonts’a ha a etsa khetho e ntle ea mofuta oa likolobe eleng o atlehang ho hola ka pele obile osa jeng lijo tse ngata. Mofuta ona o bitsoa (camborough), oona o mothusa ho se be le lits’nyehelo tse phahameng ntlheng ea lijo. Ntlheng ea litlhoko tsa mmaraka, o re o sebelisa marangrang a a tsebahalang ka hore ke Facebook, ho hlola a le malalaotsoe mabapi le maikutlo a bao bareki khoebong ea hae le hore a tsebe likhetho le litlhoko tsa bona joaloka hore na ba hloka nama ka sekhahla sefeng, ea boima bo bokae. Seo se mothusa ho bona hore na ba hloka setoropo kapo kolobe e boemong ba ho hlajoa.

O ruoa likolobe tse ngata hlabula kaha li hola kapele, “haele mariha li lieha ho hola kaha lijella hore li hole li be li eketse lefura ho ipatela serame,” oa hlalosa.

O re hofeta moo, o thusoa ke ho hlahisetsa ka har’a tikoloho ea sekolo sa temo eleng Lesotho Agricultural College (LAC), hobane bareki ba ts’epa hore batla fumana maemo ao ba alebelletseng ba bile ba a ts’episitsoe a likolobe.

Ha a tsoela pele o bonts’a ha qholotso eka sehlohlolong e le bareki bao eleng lihoai ka hore ebe ba batla ho beha litefiso kamoo ba batlang kateng, mme eona o eqoba kaho hlakisetsa moreki ea joalo litjeho tsohle tsa tlhahiso ea likolobe Qholotso e’ngoe ke ea mafu a ts’oarang likolobe; le leng la ona e le (foot rot) e bakoang ke metsi abang teng ebe a bokella hokong ha lipula li ena.

O qetella kaho bonts’a hore likolobe ke mofuta o motle haholo ntlheng ea khoebo haholo hobane le tlhokomelo ea tsona ha e boima, leho hlahisa li hlahisa nama e monate le ho etsa chelete ka nama eo ea tsona, le ka ho rekisa malinyane ha li tsoetse.