Ka: Puseletso Maqoaelane

Sekolo se phahameng sa IDM se tsebahatsa limmaraka tsa khoebo e le mokhoa o motle oa ho khothaletsa boitšoaro le tsebo ea lichelete har’a baithuti ba sona.

Boikatlaetso bona ke karolo ea boitlamo ba IDM ba ho fa baithuti ba eona boiphihlelo bo sebetsang bo tla lokisetsa mesebetsi e atleileng ea ho bapatsa le mafapha a mang.

Limmaraka tsa khoebo li lumella baithuti ho bonts’a boqapi ba bona le litsebo tsa bona tsa khoebo ka ho theha le ho rekisa lihlahisoa le lits’ebeletso tsa bona.

Ha a thatiselletsa litaba tsena, morupeli Mamosa Tšiu, o bontša ha ho theha boipolokelo ‘marakeng oa khoebo ho hloka hore baithuti ba ntlafatse leano la ho bapatsa, ho kenyeletsoa litheko, phahamiso le khoebo.

Sena se lumella baithuti ho ntlafatsa tsebo ea bona ea ho bapatsa maemong a sebetsang kaha ho ena le ba ithutang ho bapatsa ba bile ba lebeletse lengolo la Diploma ho tsa mebaraka. O bontša sena e tla hoba se molemohali ho bona kaofela kamoso.

O re liketsahalo tsa bo Rakhoebo ka likopano le litlholisano ho baithuti lifana ka menyetla ea khokahano le ho kenyelletsa batho ba nang le seabo. Mananeo ana a fana ka menyetla ea ho likhokahanyo le batho ba bang ka maikutlo a tšoanang, le litsebi le batho ba enang le seabo ntsetšong pele ea khoebo.

Mananeo ana a boela a fana ka menyetla e tšehetsang bo rakhoebo, ho ntšetsa pele mehopolo ea bona le ho hokahana le batseteli joalokaha libaka tsa tšebetso ha lile ‘moho li fana ka sebaka sa mosebetsi le khokahano ea bo rakhoebo.

Haa tsoela pele o boela a bontša ha  limmaraka tsa khoebo li thusitse baithuti ba IDM le ba bang ba likolo tse phahameng tse neng li etetse IDM kaha ba ile ba tsebana e le baithuti ba etsang lithuto tse tšoanang. O re tse ling tsa likolo tse ba etetseng ke Sekolo sa mahlale sa Limkokwing University.

E mong oa baithuti ba neng ba le teng tšebeletsong ena, a bile a nkile karolo Refiloe Napoli e le emong ba oa ithutelang mebaraka ho sekolo se phahameng sa IDM , o hlalosa ha malebela ao ba a fumanang moo a ba thusa haholo le sehlopha sa hae kaha  ba ithokhobelitse ka setotsoana kar’a khoebo.

A bontša haa bile a khotse chebelo pele e matla kaha  mahlale le litsebo li qalile ho aha kaha’re ho eena, a bile a na le morolo oa ho iqalla khoebo ea hae a ikemetse a le mong.

Limmaraka tsa khoebo li fana ka melemo e mengata ho baithuti ho kenyeletsa boiphihlelo bo sebetsang ba ho ntšetsa pele le ho rekisa lihlaisoa le litšebeletso, menyetla ea ho hokahana le baithuti ba bang le litsebi tse ka holimo kar’a lefapha la limmaraka.

Melemo ena e thusa baithuti ho fumana boiphihlelo le boetapele ka har’a khoebo le ka mesebetsi ea nako e telele.