By Thandiwe Kubere

Mohale’s Hoek – Global Consultancy, Boliba Savings, Chaperone ‘moho le likhoebo tse ling tse atlehileng, li entse letsoho la monna e le ho fa sechaba sa Mohale’s Hoek, ka ho otloloha bahoebi ba banyane, thuto e batsi ea ho tsamaisa khoebo ka tsela e lumellang kholo ea khoebo e joalo e le mokhoa o mong oa ho holisa moruo oa naha. Kopano ena e ne e ts’oaretsoe ho engoe ea li hotele Mohale’s Hoek, ‘me mang le mang u na lumelletsoe ho iponahatsa ntle ho tefo.

Bahoebi ba banyane, ba tloaelehileng ka lebitso la “baits’ukuli”, ba fumane thuto e bafang ka hara letsoho mekhoa e nepahetseng ea ho phahamisetsa likhoebo tsa bona boemong bo holimo. Ha ra tse boletsoeng, ebile bohlokoa ba botseteli, ts’ebeliso e ntle ea chelete, mekhoa e nepahetseng ea ho bapatsa e le ho tsebahatsa khoebo, menyetla e tlisoang ke ho ngolisa khoebo esita le melemo ea ho sebetsa ‘moho.

Mohoebi e moholo ho tsoa Global Consultancy, ‘Musa Maema, o bonts’itse morero e le ho potoloha le litereke tsa Lesotho ka sepheo sa ho fana ka boeletsi ho tsoa ho litsibi tsa mafapha a fapaneng. “Morero oa ‘moka ona ke fumana na re ka le thusa joang le ho le phahamisa joang hobane re hlokometse hore ho na le bothata bo teng ba ho re hona le likhoebo tse nako e telele empa hose kholo. Re tlo bona na re ka fetola boemo boo joang. Ha re kena ka hara khoebo, re tlameha ho fumana mokhoa oa boiphihlelo le ho hola eseng fela ho qoba tsietsi ea tlala.” A re ho bohlokoa ho etsa khoebo ka lebaka la lerato la eona eseng hoba a na le tsietsi.

Ho qoba ts’ebeliso empe ea chelete ea khoebo, o elelitse bahoebi ho beha palo e hlakileng eo batlang ho itefa eona, elore hore chelete eo ese kopane le ea khoebo. “Ho molemo hore ho ts’epahalle chelete eo u ipatalang eona, e le hore chelete eo e be ea khoebo feela, hobane hona le phapang lipakeng tsa motho le khoebo.  Kaha ho phetha seo ha ho bobebe, ho molemo hore mohoebi a tlose chelete ea khoebo pele hae moo a ka e sebelisang ha bobebe, a mpe a e ise setsing sa polokelo ea chelete moo a tla e nts’a ho phetha mabaka a khoebo fela.”  O tsoetse pele a eletsa bahoebi ho ikopanya ele ho etsa letsete le ho patella botho ba mokhatlo hore ba khone ho etsa liphetoho tse kholo ‘moho.

 ‘Musa o hlalositse ha bothata bo bong bo sitisang kholo ea likhoebo tse nyane Lesotho e le tlhokahalo ea chelete. A tsoela pele hore empa ho bohlokoa haholo ho ruoa tsebo le ho itlhopha pele motho a kena khoebong.

O elelitse bahoebi ho ela hloko tsela eo ba ts’oarang bareki le basebetsi ba likhoebo tsa bona. Seo ke hobane basebetsi ha ba ts’oeroe hantle ‘me ba lokolokile ba na le bokhoni ba ho isa khoebo pele. Motho o reka mohoebi pele a reka se rekisoang. E le hore, bahoebi ba banyane, ba tlameha ho ipapatsa hantle ka ho ba le boikokobetso le ho bonts’a bohloeki ka linako tsohle. Ba tlameha ho tseba ho bua hantle le batho le ho ba le sefahleho se phuthulohileng e le ho etsa moreki a be le bolokolohi.

Setsebi sa lichelete, Bokang Mots’oari, o elelitse bahoebi ho latela methati e nepahetseng ho holisa likhoebo tsa bona. “Khoebo e qaloa ka kelello e pholileng, e batsi e nang le chebelopele, eseng hakalo-kalo chelete e ngata joalo kaha batho ba bangata ba nahana.” Ho fihlile tlhokomelong ea hae hore mesebetsi e mengata hobane mosebetsi o ka hlaha ka ho rarolla mathata a batho ba bang. O ile a tea mohlala ka hore motho e mong o na le bothata ha ho fumana ntho e itlotsang, ‘me lihloliloeng li ngata tseo motho e mong a ka rarollang bothata boo ka ho etsa litlolo.

O boletse hore ha khoebo e nepahetse ke ha e ngolisitoe le lekala la khoebo ‘me ena le tokomane ea ho hoeba. Melemo ea teng e kenyelelitse ha ra emeng, ho ba monyetleng oa ho alima chelete bakeng sa ho holisa khoebo. Hape, ha khoebo e sa tsamaee hantle, mohoebi a ka ba le bokhoni ba ho rekisa karolo e ngoe ea khoebo ho motho a ka khonang ho e holisa.

Mots’oari o bonts’itse hore ho na le lintho tse ‘ne tse holisang moruo oa naha tseo sechaba se tlamehang ho li ela hloko. Tseo ke lihloliloeng, masimo le mobu o motle oa temo, ts’ebeliso ea marang-rang bakeng sa tsoelo-pele, ho fa khoebo nako e khthehileng le boikitlaetso, esita le ho hlokomela basebetsi.

Ha ‘moka o tsoela-pele, ho hlalositsoe hore ho fenya bothata ba tlhokahalo ea chelete e lekaneng ho holisa khoebo, Boliba Savings e fana ka monyetla oa polokelo eo bahoebi ba ka kenyang chelete e tlohang ho Mashome a mahlano a Maloti khoeli le khoeli ho etsa letsete e le hore ba tle ba fumane tsoala.  ‘Maponts’o Ramalebo ho tsoa Boliba Savings e Mohale’s Hoek o elelitse bahoebi ho etsa likoporasi hoba li molemo ho beng ba likhoebo esita le malapa a bona kapa bohle ba tlang ho ja lefa khoebong e joalo. O elellisitsoe bahoebi ba banyane hore tlokotsi e sitisang kholo ke ho se hlomphe chelete ea khoebo e be motho o sebelisa chelete ea khoebo ho phetha mabaka a mang tlung. Ka ho cho joalo o bonts’itse bohlokoa ba ho ba le setsi sa pokello moo motho a kekeng a nts’a chelete ea khoebo ha bobebe ho etsa mabaka a ka theko.

Mohoebi e moholo, Lesei Raymond Lesei, o boletse hore mothati o motle oa ho qala khoebo ke ho hlokomela tlhoko e itseng, e be motho o fumana mokhoa oa ho atametsa kapa ho tlisa se hlokahang sechabeng. Ho fihlile tlhokomelong ea hae hore katleho ea likhoebo tse ngata tse holang lefats’e ka bophara, ho ne ho ena le tlhoko e ileng ea hlokomeloa ‘me hoa tlisoa lits’ebeletso tsa eona haufinyana le sechaba.

“Rona re le Basotho, ka lebaka la boemo ba naha ea rona, re hlokomela hore boholo ba bahoebi ba kene ka hara khoebo hobane ba hloka mosebetsi eseng haholo-holo ho lokisa kapa ho atametsa tlhoko, ‘me ka senyesemane e bitsoa ‘a survivalist way of doing business’.” O boetse a hlalosa hore bo bohlokoa ho nka qeto le ho lemoha hara boikitlaetso ba khoebo, hore na khoebo e joalo e ka atleha ho tsoela pele ho isa molokong o mong ha monga eona a le sieo kapa na e tla oela.

Ka hoo, o hlalositse hore boitlhopho le boitukiso ba ho tsetela bo bohlokoa. Ho etsa seo, ho na le metati e lokeloang ho lateloa. “Re tlameha ho qala ho ruta bana ba rona bohlokoa ba khoebo ho re ba tsebe melemo ea eona ho tloha kholong ea bona le fumana hore ba ka e holisa joang ha ba fumane thuto ea bona. Ha re kena ho boitlhopho ba botseteli, motho akase ts’epe ho tsetela ka hara khoebo e sa bonts’eng bots’epehi le ponahaletso ea ho hola. Khoebo e tlameha hoba le tsamaiso e napahetseng ho tloha ka botsamaisi ho fihlela basebetsing. Leeto leo ha le bobebe empa ha hona le motho a u tataisang litaba tsena li ka phethahala ‘me likhoebo tsena li ka tsitsa.” O khthalitse bahoebi ba banyane hore ba se ts’oenyehe hore mohlomong ba liehile ho tseba tsela e nepahetseng ea tsamaiso ea khoebo hobane boholo ba batho ba atlehileng haholo lefats’e ka bophara ba qalile likhoebo tsa bona ba se ba le baholo lilemong.

Lesie ha a tsoela pele o hlakisitse hore tse ling tsa lintho tse sitisang kapa ho liehisa likhoebo tsa Basotho ho hola ke ho se khone ho boloka, ho hloka tsebo e batsi ea tsamaiso ea khoebo, ho se itsebahatse, ho se be le tsamaiso e nepahetseng le ho se khona ho arola mabaka a khoebo le a bong.

O tsoetsepele ho bonts’a hore bahoebi ba fapane ‘me likhoebo tsa bona li ka hola ka mekhoa e ‘meli e fapaneng, engoe e ka hola ka ts’ohanyetso ha engoe e hola ka boikemisetso. Khoebo e holang ka ts’ohanyetso ke eo monga eona a emelang nako e itseng hore khoebo ea hae e hole. O nka khato ka mora nako e telele, o fihlela lintho ka lehlohonolo, o lula a nahana joalo ka lehlasipa nako eohle, ha a nke likhato tse kholo bakeng sa ho holisa khoebo, a ka sebelisa chelete ea khoebo ho etsa mabaka a ka theko, ‘me o ithuta ka lesesitheho.

Ho fapana le eo, monga khoebo e holang ka boikemisetso ha a emele lehlohonolo la motea-pala hore khoebo ea hae e hole, o potlaka ho nka qeto tsa bohlokoa hore khoebo ea hae e tle e hole, o thahasella ho ithuta le hoba le tsebo ka mehla, ha a ts’abe liphepetso, o nka boikitlaetso ho holisa khoebo ea hae ‘me o sebetsa ka thata, o lalamalla pele ‘me o lutse a na le thahasello ea khoebo, hape o ithuta liphosong tse fokolang ‘me ha a liphete.

Lesei o hlalositse hore tsamaisong ea chelete, ho bohlokoa hore khoebe e be le mots’oari le motsaisi oa chelete a nang le boikarabelo hore khoebo e hole, hobane ke ena a utloisisang na tebello ke eng. “Ke ena a tsebang na maano le meralo e tlamehang ho ba teng ka hara tsamaiso ea chelete ke efeng.  O etse bonnete ba hore o thola tlaleho e hlakileng, e be o fana ka hore mosebetsi o etsoe ka tsela ea mofuta ofeng.”

Emong oa bahoebi, Thabo Ralikonyana, o elelitse hore boikokobetso bo ka fihlisa motho hole le ha e le mookameli kapa monga khoebo. Ho molemo ho ts’oarana ka matsoho ho bona na Basotho, ho se ea setseng morao, ba ka hola joang likhoebong. A hlalosa hore ntho e hulelang Basotho ba bangata morao ke polotiki. “Ha ho nepahale ho sheba motho ebe u ‘mona pele ka mebala ea mokha a o aparetseng, ebe o lebala hore ke Mosotho oa haeno. Basotho ba tlameha ho hlobola polotiki ha ba labile khoebo.”

Ralikonyana o boetse a hlokomelisa bahoebi hore ho molemo ho phahama le ho itlhotlhora ha motho a oele hoba ho oela ke karolo ea bophelo.

Bohoebi ba ne ba iponahalitse ka bongata ‘me ba atleha ho fumana thuso ka lits’ito tse setisng likhoebo tsa bona ho hola. Ba ile ba atleha le bo baphatsa likhoebo tsa bona ‘me ba thusoa ka ho etsa likhoebo tsa bona li tsebahale, eleng ka mabitso a khoebo, “lilogo, le tse ling. ba bonts’itse teboho ea bona le ho ananela thuto eo ba e fuoeng. Ba bonts’itse ha tse ling tsa liqholotso tsa bona e le ho se be le sebaka sa ho sebeletsa, ho se be chelete e lekaneng ho holisa likhoebo tsa bona le tse ling. Ba ile ba fumana thuso ka mathata a mang a bona esita le ho lokisetsoa tse ling tsa lintho tse ka lefelloang ntle ho tifiso.