By Tlotlisang Phoku

MASERU –

Ke ba bakae bana ba Basotho ba qhekelloetseng kapa  hona ho hanyapetsoa patlong ea se jeoang? Sepolesa sa Lesotho le Domestate li tlisa tlhahiso leseling ho bona.

Kopanong e bileng American corner ka Labohlano la la 12 Mots’eanong 2023, basebitsi ba malapeng ba ile ba fumants’oa thuto ka khoebo le khoebisano ka batho le ka thuso ea pele.

Sepolesa sa Lesotho se hlalositse khoebo le khoebisano ka batho e le ha lehlatsipa le tlosoa sebakeng se seng a ts’episitsoe mosebetsi empa sepheo e le ho mo etsa lekhoba. Basebetsi ba malapeng ba e le  hloko hore ha se motho e mong le e mong ea fanang ka mosebetsi empa morero oa hae e k aba ho batla lekhoba. Ea entsoeng lekhoba a ka sebelisoa ho hlekefetsoa ka motabo, ho rekisa lithethefatsi kapa ho etsa mosebetsi ofe kapa ofe a sa putsoe ka letho.

Motho ea batlang lekhoba a ka ts’episa batho mokholo o holimo haholo sebakeng sa motho a sebetsang mosebetsi oa lapeng. Ha a fane ka litokomane tsa boitsebiso le sebaka seo a lulang ho sona ha se hlakisi hantle. Ha ele oa naha e nngoe ha a batle litokomane tsa lehlatsipa tsa boitsibiso e leng pasa le phemiti ea bosebetsi (passport or work permit). Ha ra mats’oao a mang, ke hore mohiri a ka batla pasa le mohala oa letsoho tsa lehlatsipa ebe hang ha ba qeta ho ts’elela naheng e nngoe a etse eka o sireletsa lehlasipa khahlanong le linokoane tsa naha eo a phelang ho eona athe oa ba sitisa lehlatsipa ho bua le ba tla mo thusa kapa ho baleha. A ka boela a hanela lehlatsipa ho bua le mang kapa mang  a le koalla ka thata sebakeng seo a tlabe a mo sebelisetsa teng hore a se kopane le batho ba tla mo thusa.

Hang ha motho a hlokomela hore ke lehlasipa la khoebo le khoebisano ka batho, o eletsoa hore a tlohe sebakeng seo ka potlako. Ha amohiloe mohala oa hae, a botse ba haufi le ena hore na sepoleseng ke kae ‘me a potlakele teng ho tlaleha tlhekefetso e joalo. Ka holimo ho tsohle Basotho ba khothaletsoa hoea linaheng tse ling ba e na le litokomane tse felletseng ele hore ho tle ho be bonolo ho ba fumana ha ho etsahala litlhekefetso tse ts’oanang le ena ea khoebo le khoebisano ka batho.

Ho fenya khoebo le khoebisano ka batho, basebetsi ba malapeng ba se lumele mosebetsi ka batsoalle kapa baamani ba bona ba mesebetsing libakeng tse ling kapa ka marang-rang empa ba ingolise le li agent tse ts’epahalang tse ngolisitseng le lekala la khoebo.

Hara litaba tse ling tse ts’ohliloeng, Mofumahali Bofero Maboee ho tsoa lekaleng la Bosebetsi le Khiro, o hlakisistse hore Lesotho le sebelisa molao oa 1992 oa basebetsi leha ho le joalo ho ntse ho sebelisoa molao oa machaba oa linaha tse ikopantseng sebakeng sa basebetsi ba malapeng. Lesotho ha le eso tekene molao oo oa machaba oa litokelo le maikarabelo a basebetsi ba malapeng.

Ka toka, basebetsi ba lokela ho putsoa ka moputso o seng ka tlase ho oa mathomo e leng M773.00 ka khoeli. Ho mosebetsi ea sebelitseng nako ea selemo ke M853.00. Hona ke sekepele fela, ha mohiri a e na le mahetla a ho fana ho feta moo ha a thibeloa ho fana ho feta moo.

Likhato li pele haholo tsa molao o paneng oa litokelo tsa basebetsi ba malapeng. Molao o lebeletsoe ho kena ts’ebetsong selemong sena kapa se tlang ‘me tebello ke hore o fe bahlahlobi matla a ho hlahloba malapa kaha ha joale ba hloloa ho hlahloba hobane beng ba malapa ba hana, ebile o sireletsa mosebetsi e mong le e mong ka hare ho naha. Mekhatlo e teng ea basebetsi ba malapeng e seriletsang litokelo tsa bona ‘me ba nang le khahleho ho mekhatlo e joalo ba atamele lekala la Khiro le Bosebetsi. Setsi se Maseru se fumaneha Oxford Building.

Lesotho Red Cross e fane ka thuto ea thuso ea pele ka mekhahlelo e mene. Eona  ke; ho batla sebaka se bolokehileng, ho hlahloba boemo ba mokuli, ho kopa thuso, le ho fana ka thuso ea pele.  Moo e bang  mosebetsi o bile kotsing ea koloi ‘me ha ameha empa eo a tsamaeang le ena o amehile, ho lokela hoba le lets’oao la kotsi le lefubelu. E bang le le sieo ho ka sebelisoa ho hong molemong oa sebaka sa kotsi joaloka majoe, lipalo kapa libotlolo e le ho elellisoa babang hore kotsi e teng moo.  Moqomo o monyane kapa sekupu sa mafura li ka sebelisoa ha li le teng. Ha likhalase li le teng li lokela ho tloha sebakeng seo hore li se lematse mokuli le mothusi oa hae.

Ka morao hore sebaka se bolokehe, ho hlahlojoa mokuli ho shejoe hore bothata ke bo fe. E mong a ka lemala moo e leng hore o tlo ts’oaroa teng nakong eo a isoang setsing sa kokelo. Ea bobeli,  ho shejoa hore na mokuli o ntse a phela kapa che. Methati e teng  ea ho sheba hore na o ntse a hema kapa che. Ha a se a sa heme ho bolela hore ha a sa phela, empa ha a ntse a hema bophelo bo teng ‘me ho lokeloa ho tsosolosa lampi eo. Ea mantlha motho ea amehileng o butsoelloa moea.

Mokuli o mameloa a le fats’e. Mahlo a mothusi a sheba sefuba sa mokuli ha tsebe e mametse linkong tsa mokuli hore na phefumoloho e teng. Sefuba sa mokuli ha phefumoloho e ntse e le teng se a phahama, se theohe. Ho lokeloa hore a buleloe tsela ea moea ka ho mo qethohisa hanyane ebe o hatelloa hanyane ka serethe sa seatla. Ho baloa ka makhetlo a mashome a mararo ka nako ea motsotsoana ho nto bululeloa moea ka makhetlo a mabeli. Taba ena e phetoa hangata ho fihlela phefumoloho e ba teng kapa thuso e fihla.

Hang ha kotsi e qeta ho etsahala kopa thuso. Ha batho ba le bangata ba e ntse sakana la nkope  sebakeng se bolokehileng, ba etsa letsoho la monna hore ba thuse ho bulela  mokuli sebaka a utloe moea.

Fana ka thuso ea pele. Haeba mokuli e le ea tsoang mali thusana hore mali a eme. Roala liatlana kapa lipampiri ha liatlana li le sieo. Maqeba a ka bakoa ke lintho tse hlabang, tse nthithi, tse bohale kapa a lithunya. Leqeba ke kotsi e etsahalang letlalong le ka holimo. Ha ho thusoa motho ea tsoileng leqeba mothusi o ipoloka ‘moho le eo a mo thusang. Ha liatlana li le sieo ho sebelisoa lipampiri, ho bululoa pampiri e tlale moea empa ha moea otsoa pampiri e sa tiea, ho bolela hore pampiri eo haea bolokeha. Ho hloekisoa leqeba le se kenoe ke lits’ila. Laola mali ka ho etsa khatello holima leqeba. Ha ele le leholo kopa thuso kapele. Se ke oa tlosa eng kapa eng e salletseng ka hare ho leqeba.

Hlahloba mocheso oa mokuli, ha ole holimo u nka metsi ebe u ts’ela lesela ka metsing a batang u mo theola mocheso. Isa mokuli ngakeng. Sebelisa sohle se teng se hloekileng ho thibela phallo ea mali hofihlela mokuli a fihla setsing sa kokelo.