By ‘Muso Nkhasi

MASERU – Lekala la nts’etso pele ea sechaba, lefapheng la bo-nkhono le bo-ntate moholo le etselitse baphatlalatsi ba litaba thupelo ka tlhokomelo ea batho ba baholo ka la 24 Mots’eanong 2023.

Hara tse ts’ohluoeng ke liqholotso tsa bo nkhono le bo ntate moholo, lefu la bolebali le ba hlaselang, le tlhokomelo ea bona. Taba-kholo ke lefu la bolebali le fihlelang bo nkhono le bo ntate ha se ba le lilemong tse holimo haholo.

Lefu la bolebali, le hlalosoa e le lefu le sa phekoleheng le bakoang ke ho shoa hoa methatsoana ea boko. Lehlatsipa le bonahala ka ho lebala batho bao a phelang le bona, ho hopola tseo e leng khale li fetile le ho etsa lintho tse sa amoheleheng. Boholo ke mats’oao a bonahalang ho bo-nkhono le bo-ntate moholo.

Mahlatsipa a lefu la bolebali ba ka fumanoa ba ithuselitse moo ho sa lokelehang, ho lebala bana ba hae, ho etseletsa bao a phelang le bona. Malapa a eletsoa ho se ba kharume empa ba bue le bona hantle ho fihlela kelello e khutla. Bongata bo phela le mahlatsipa ana empa pharela e le ho hloka tsebo ka lefu lena.

Bahlokomeli ba bona, ba eletsoa ho tlaheha bo-nkhono le bo-ntate moholo ba nang le bothata bona ho morena. E le ho ba qobisa tlhekefetso metseng ha a se a lahlehetse jareteng ea mohaisane, moo qetello e ka bang ho bitsoa moloi kaha a ka iphumana a se ntse a memela liaparo kaha kelello ea hae e tlabe e mo fa hore o ka tlung.

Keletso e ‘ngoe ke ho ba boloka sebakeng se hloekileng, e le ho etsa kelello e lule e pholile, ho tlosa lintho tse ka bang kotsi ho bona ho qoba hore ba itlhahise kotsi. Ho ba fa lintho tseo ba liratang hore ba lule ba thabile. Ha e le motho a ratang lipalesa a fuoe lipalesa, oa ‘mino a letsetsoe oo a o ratang.

Hara tse ling tse ts’ohluoeng ‘mokeng ona, lekala lena, le na le chebelo pele ea ho kholisa bo-nkhono le bo-ntate moholo ka likarete tsa libanka, Mpesa le Eco-cash ‘me ba lokolohile ho ikhethela mokhoa oa ho khola. Sena ke ho ba sireletsa khahlanong le litlokotsebe tse ba nkelang chelete ha ba tsoa litsing tsa ho khola. Mokhoa ona oa ho khola o se ntse o sebetsa libakeng tse ‘maloa Maseru.

Ho khola ka marang-rang ho tla rarolla mathata a bona a ho tsamaea nako e telele ho ea litsing, ho ema ka maoto litsing kaha ho na le tlhokahalo ea litulo, ho qhekanyetsoa ke barekisi ba ba rekisetsang ka letsatsi la mekholo ea bona, moo ba rekang litlhoko tsa bona ka theko e phahameng haholo.

Ho bo-nkhono le bo-ntate moholo ba seng ba le lilemong tsa ho khola, ba elellisoa ho etsa likopo tsa bona. Likopo li amoheloa litsing tsa lekala literekeng ka ho fapana pele ho la leshome le metso e mehlano khoeli le khoeli. Bao e leng khale ba fetile lilemo tsa ho khola empa ba so etse kopo ba lokolohile ho etsa likopo etsa joalo.