Lekala la Bophelo le tsebisa batsoali le baholisi ba bana ka hore ente ea tlhaho (BCG) e se e fumaneha litsing tse fapaneng tsa bophelo ka hara naha ea Lesotho. Ekaba litsi tsa mmuso, tsa likereke le tse ikemetseng tse fapaneng tse fanang ka lits’ebeletso tsa bophelo, tsa liente. Sena mmuso o se etsa ele ho atametsa lits’ebeletso sechabeng ho qoba ho ea fola mela e metelele litsing tsa kokelo.

Lekala le phatlalatsa le ho ipiletsa ho sechaba ho isa bana bohle ba haelletsoeng ho fumana ente ena, ba  ka tlase ho selemo ho ea e fumana litsing tsa bophelo kaha ente ena ele bohlokoa haholo bophelong le kholong ea bana.

Ente ena ka nepo e ts’oanetse ho fuoa bana hang ha ba qeta ho hlaha kapa pele ho matsatsi a mashome a mabeli a metso e robeli.  BCG e thibela esita le hona ho sireletsa bana ho mafu a kang TB (lefuba) kapa TB meningitis (lefuba la ho ruruha hoa boko). Ente ena e ka sireletsa ka li peresente tse kalo ka 80%. Ka toka ngoana e mong le emong ha a qeta ho hlaha o lokela ho fumants’oa ente ena. Empa ho latela likhaelo tse teng ka hara naha ha e kaba ea sebetsahala joalo ka hoo lekala le ikopela ts’oarelo ho sechaba ka kakaretso ka bohlasoa bona le ts’itiso e bakiloeng ke bosieo ba ente eo ka mabaka a neng a le ka holimo ho taolo ea lona.

Ente ena e hlabuoa holima sephaka ka letsohong le letona. Ka nako engoe BCG e ka fanoa ka makhetlo a mabeli ho matlafatsa tsereletso ea lefuba baneng. ‘Me ente ena eka fumanoa ke bana ba hofihlela lilemo tse hlano.

Ke tokelo ea ngoana e mong le emong ho fumana liente tsa bosea ele ho thibela mafu a ka thibeloang ka eona. Ka hona lekala la bophelo le ipiletsa ho Basotho so he qeea qee hoba maphelo a bana a tla pele kaha bana ba bapala karolo e kholo bokamosong ba naha.