By ‘Matsie Qhasane and Nthabiseng Ratalane

Maseru- Nala creative community le lekala la tekano, bacha, bonono, lipapali, setso le nts’etsopele ea sechaba li tsoara ‘moka Moahong oa United Nations Educational, Scientific and Cultural Organization (UNESCO) Lesotho ka la 26 Thlakubele 2023. ‘Me sepheo sa  ‘moka e ne e le hore batho ba mesebetsi ea Boqapi kahare ho Naha ea Lesotho, lekala la bochaba le elelloa bohlokoa ba bona. ‘Me Makala ka bobeli e leng lekala la bochaba le Nala creative community ba hloaea sebaka kapa libaka tseo mesebetsi ea bahlahisi kahare ho naha e ka behoang teng e le ho khahla batho ka hofapana, ka sepheo sa ho rekisa lihlahisoa tsa basotho.

‘M’e ‘Mamaime Motanyane, o bontsitse hore moaho o hloka hore o ntlafatsoe hore o shebahale hantle, e be kamorao hore o lokisoe e be basotho ka  kakaretso haholo bahlahisi ka hofapana hoa bona ba tla joetsoa ka letsatsi leo batlang ho lekola sebaka se joalo hore na se sireletsehile hore lihlahisoa li ka rekisetsoa hape hore na sebaka seo se boholo bo bokae e le ho tsela lihlahisoa tse kae ka palo. ‘Me ho bontsitsoe hore moaho o tla kena tsebetsong ka khoeli ea Loetse kapa Mphalane selemong se holimo.

Ha a tlatsetsa, ‘Mamaime Motanyane, ea hlahang lekaleng la bochaba, o re lilemong tsa ho feta ‘muso oa Lesotho o ile oa ikeletsa hore ba kope bafani hore ba ba thuse, hore ba ba batlele sebaka seo bona e le lekala ba ileng ba bona hore bahlahisi ba Lesotho ha hona moo lihlahisoa tsa bona li rekisetsoang teng. Hape ha hona sebaka sa bahahlauli ba tlang ho sona ho reka tseling tsa lihlahisoa tsa Basotho, e kaba lijo, liaparo le metako. Ho feta moo, eaba banka e kholo ea lefatse (world bank) e thusetsa hore ho be le sebaka se joalo. Sebaka seo se bitsoa Tourism Information and Crafts Center.

Sebaka sena sepheo sa sona ke ho tla hohela bahahlauli, hape hore lihlahisoa tsa basotho li bapatsoe teng e le hore li rekuoe. Ka hara setsi seo hona le lebenkele, leo lihlahisoa li reretsoeng hore lirekisetsoe teng hore li bonoe hape li rekuoe ke machaba. ‘Me hona le batho ba tsamaisang sebaka seo. Batho bao ba hloauoeng mosebetsi oa bona ke hore ba etse bonnete ba hore lihlahisoa lia rekisoa, e kaba ka hara Naha le kantle ho eona. ‘Me sebaka sena morero ene e le hore se qale ho kena tsebetsong ka loetse kapa mphalane. ‘M’e ‘Mamaime, o bontsitse hore basotho ba Kenye letsoho hore sebaka se sebetse hore se ba tsoele molemo. Hape o bontsitse hore bona e le ‘muso ba ka kenya letsoho joang ho bona hore litakatso le litabatabelo tsa batho lia sebetsoa, hore basotho ba khotsofale ba seke ba ba le lipelaelo.

‘Me o ile a bonts’a hore sechaba kapa bahlahisi ba hlahise maikutlo a bona ka hofapana hore na ba tla sebetsa joang hore lihlahisoa lirekoe, ho sa hohloanoe. Ho feta moo, o ile a re lihlahisoa Tse hlokang lichelete tsona li ntse li sebetsuoa, ha ho sobe le qeto litabeng tse joalo.

Moaho ona le sebaka sa ofisi, litaba tsa bohahlauli le tseling tse ngata. Hona le batho ba tlo sebetsana le hore sebaka se tsejoe hape lihlahisoa li tlo bapatsoa ke bona e seng bahlahisi ba lihlahisoa. ‘M’e Motanyane o bontsitse hore morero e ne e le hore bahlahisi ka hofapana ba tla bapatsa lihlahisoa tsa bona, empa ha honaba bobebe, joale o ile a bontsa hore seo seka etsahala feela ha ho kaba le “screen” se tla hlalosa lihlahisoa hore na li oela hokae.

‘M’e Mampho ha a hlahisa maikutlo a hae, hore na lihlahisoa tsa bona li ka rekisoa joang, o bontsitse hore bona e le bahlahisi ka hofapana ba lokela ho lumellana ka litheko tseo ba tla libeha hore lihlahisoa li rekisoe, ka litheko tse tsoanang ka ho latela mefuta ea tsona.

Ntate Monoko le eena o bontsitse hore bahlahisi ba rekise lihlahisoa tsa bona ka litheko tse tsoanang ebile li rekeha, li amoheleha haholo holo ho batho ba “graphic designs”. Hape o bontsitse hore ho be le lithupelo tse tlo ruta bahlahisi hore na litheko li behoa joang e le hore ba ruoe tsebo.

‘Moka o ne o hlophetsoe batho ba lipapatso (advertising), filimi (film), mmino ( music), bonono (art), mosebetsi oa matsoho (crafts), moralo (design), bonono ba ho etsa ( performing arts) le kaho ( architecture).