Hatty ke khoebo e etsang likatiba tsa boikhabiso bakeng sa machato, mafu le mekete ka ho fapana. Khoebo ena e qalile ho sebetsa ka selemo sa 2020, e qaloa ke Mme ‘Mamoabi Mothibeli ea hlahelletseng marang rang ka lebitso la ‘Mapholoana Nthabi. “Ntle le hoba seroki (fashion designer), ke etsa le ho ruta batho ho etsa “recycling”, e Leng ho etsa lintho Tse ntle tsa boleng Tse khabisang malapeng, lihoteleng le tse ling Tse ngata, ho tsoa ho Tse lahliloeng joaloka lithaere tsa makoloi, pampiri le polasitiki, le ho fana ka litsebo tse ling tse ngata. Ke etsa tsena ka khoebo e bitsoang Hatty Consulting Pty Ltd. Ntle le moo, ke mohlanka oa muso (civil servant). Ke sociologist, ke ithutile sociology National University of Lesotho (NUL)”, o rialo.

Melemo eo Hatty e fitisetsang sechabeng, ke ho ruta bo-mme le bo-ntate ho etsa likatiba hore ba qale likhoebo, ba tsebe ho phela le ho phelisa malapa a bona. Khoebo ena e shebane le motho e mong le e mong ea ratang ho hlaha hantle, a iterekile ho sa tsotelehe boemo ba hae, e ka ba ho ea Mafung, machatong le meketeng ka ho fapana. ‘M’e Mothibeli o re khoebo ena hona le lithuso tseo e li fetisetsang sechabeng joaloka ho fetisetsa tsebo ea ho roka likatiba ho basotho. O re hangata o etsa ka linyehlisetso hore le batho ba se nang hona ba fumane monyetla oa ho kena, e le ho fokotsa sekhahla sa tlhokahalo ea mosebetsi.

Khoebo e etsetsa Maparamente likatiba, mohlala, ke letona la lichelete, Mohlomphehi Retselisitsoe Matlanyane, Motlatsi oa sebui, Mohlomphehi ‘Matlhohonolofatso Tsepang Ts’ita le batho ba baloang ka makholo e leng bareki ba Hatty kantle le kahare ho Naha ea Lesotho. Litifiso tsa likatiba li tloha ho M250.00 ho ea ho M1050.00 ka kakaretso empa li ka feta le moo ho latela mofuta oa katiba oo moreki a o batlang. Ho phaella moo, Hatty e fepela borakhoebo ba  itseng ba ikemetseng, ba reka ka bongata ho ilo rekisa. Hatty ke lets’oao ebile ke lebenkele ka bolona. “Thepa eeo ke etsang likatiba ka eona e ea fapana. Boholo ba eona ke e fumana ho bafani ba thepa South Africa. ‘Me South Africa e reka thepa linaheng tse kang Phillipines, moo ho melang banana haholo hobane thepa e entsoe ka ho hohla

 mofuta oa sefate sa banana se melang hona Phillipines moo, e be o etsoa mebala e fapaneng. Thepa ena e bitsoa “sinamay”. Ntle le moo, ke sebelisa lesela le feng kapa le feng ho etsa meralo ea likatiba, mohla, ke  seshoeshoe”, o rialo.

“Lebaka la ho qala khoebo ena  ke lerato le khethehileng la ho etsa likatiba.  Hantle ke ithutile katiba ka ts’ohanyetso feela, ka kopana le motsoalle  tseleng a mpolella ka thupelo e tsoeroeng kaekae ka hara toropo, e ne e le moqebelo. Ke ile ka iponahatsa ka sontaha ho setse lihoranyana feela thupelo e fela. Empa hora tseo ke ileng ka ithuta ka tsona ke ile ka khahloa ke ho etsa katiba, ‘me kamorao ho moo, ke ile ka rera hore ka le leng ke tloba makhoebo e moholo oa likatiba kahare le kantle ho Naha, ka qala khoebo ka 2020. Maikutlo aka ka khoebo eaka, ke hore ke ikutloa ke le motlotlo haholo. Ke monyetla oo Molimo a mphileng ona, ka tsehetso ea batho bohle bao e leng bareki ba rona kahare le kantle ho naha ea Lesotho. Holim’a moo, khoebo ena e na le liqholotso tseo ho nna, nako le nako ha li hlaha eleng “stepping stones” tse sitisang hore e hole, ‘me ka hona ha hona mohlang ke bonang e le liqholotso empa, ke bona e le menyetla ea kholo ea eona nako eohle”, o rialo.

“ke thabela le ho lebohela boikitlaetso ba Mme ‘Mamoabi, ba ho nka khato ea ho nka lefapha la ho re etsetsa likatiba tsa boleng le setaele. Kannete nna ha ke tsebe ha ane a le sieo ebe Basali ba ratang bokhabane joaloka nna ebe ne re tla etsa joang. ‘M’e ‘Mamoabi ke mofumahali ea nang le talenta, ea lulang a ikokobelitseng Khoebong, esita le ho fana ka likatiba joaloka ha a ts’episitse. Ha hona mohlala oa katiba eeo a sa e etseng. Mohlala, o mobonts’a sets’oants’o se tsoang ho “pinterest”, o tla etsa le ho feta mokhoa oo. Boqapi le ho nepahala ha boiqapelo ba hae mabapi le ho roka likatiba ke bo khahlang mahlo. Khoebo ea hae e phethela tlhoko eaka ea hoba majabajaba ha ke batla. Hape o etsa katiba tse ntle; hohle moo ke ileng ke roetse katiba ea hae kea khotsoa ke basali le banna, hoo  ho bolela hore likatiba tsa hae lia bonahala ha motho a e roetse”, o rialo ‘Matebatso Thato.

“Ke thabetse hoba e mong oa baithuti ba ‘M’e ‘Mamoabi nakong eeo a fanang ka lithuto tse khuts’oane, hobane ke bone ‘M’e mosebetsi oa hae o le motle ebile o khahleha. Ke bone ‘M’e ele motho ea nang le matla a mangata, hape o na le thahasello ea mosebetsi oa hae. Ebile tsela eeo a fitisang litsebo tsa hae, a li fitisetsa ho baithuti, ke bone e Le mosali ea nang le boiphihlelo bo fetang ka mokho eena a reng o ile a ithuta ka teng. Ha a ts’abe ho ipeha kotsing hobane ha o sheba tse ling tsa lintho e hlile, motho o tlameha o be sebete sa ho nka likotsi. ‘Me ke e ‘ngoe e etsang hore khoebo ea hae e be e ntse e le teng le letsatsing lena. Ka bokhutsoanyane nka re khoebo ena ea ‘M’e ke  khoebo e ntle haholo e thusang basotho haholo, hobane batho ba bangata ha hona le mekete, haba sa loketse hore ba tsamae ho ea Afrika Boroa ba ilo batla litsebeletso tsa lintho tseo basotho ba seng ba khona hore ba iketsetse tsona le ho feta linaheng tseno tse ling tseo re neng re litsepela hore lika re rekisetsa lihlahisoa tsa boleng kapa tsa boleng bo betere. ‘M’e ke e mong oa bo-mme ba etsetsang bo-mme likatiba tse ntle tsa maemo a phahameng haholo. Nna kannete nka mofa linaleli tse hlano. Ke tlohile thupelong ke khotsofetse haholo, hobane ke ile ka hlokomela botebo ba litsebo tsa hae le botebo ba thahasello ea hae khoebong ena ea hae, le botebo ba tsebo ea hae ea ho tsamaisa khoebo. Ke tsoile thupelong ke khotsofetse, ebile kea utloa le nna ke tlo etsa phaphang. Thupelo e se e ntse e nketsetsa phapang hobane kena le nako e kalo ke arohane le eena ha se nako e fetang khoeli, empa hona le lintho tseo li seng li ntsoetse molemo ka boithuto boo ba nako e khuts’oane”, Mme Felleng Patricia Qokolo o rialo.

‘M’e Felleng o re molemong oa batho ba ratang ho tseba ho roka likatiba ka pelo tsa bona tsohle, ‘me ba lietsa e le khoebo nka ba khothaletsa ho ea ho Mme ‘Mamoabi. Aka ba thusa ka boiphihlelo bohle ba hore ba tsebe ho etsa likatiba ba be ba tsebe hoba le likhoebo tse atlehileng. Ebe bakeng sa batho ba batlang ho itereka joalo kaha ke hlalositse pele hore mosebetsi oa ‘me ona le boleng bo phahameng haholo ‘me kannete ha ke qeea-qeee ka hore motho o tla khotsofala, o tla itereka, a be motle, a khahlehe, a be le boitsepo hobane joale o tlabe a roketsoe katiba e ntle bohlollang, e kaba ea khetho ea hae kapa ea itseng a etsetsoe ka khetho ea Mme ‘Mamoabi, o tla moetsetsa ntho eeo a kekeng ea mosoabisa lekhale.

‘Mants’ali Josephine Thinda Fothoane, ea lulang Sekamaneng Berea, o re basotho ba tsehetse likhoebo tsa basotho ba bang kaha ba etsa mosebetsi o motle, o tsoileng matsoho. Hape o re le ho basali ba bang ba reke likatiba tsa Mme ‘Mapholoana ‘Mamoabi Mothibeli, hobane homonate ha o roetse katiba e ntle e entsoeng ke mosali oa mosotho.

“Nkare sechaba se tsebe hore khoebo ena ea Mme Mothibeli e etsa likatiba tse ntle haholo ho latela na o batlang o le moreki. Hape moreki o fumana katiba eeo a e batlileng e le joalo kaha a e batlile ka nako. Re le basali ba basotho re lokela ho khaba ka likatiba tsena le ho tseetsana”, Neo Masupha o rialo.

‘M’e ‘Mamoabi, o re maikutlo a hae ka khoebo ena, ke hore e tsejoe, Mme e tereke batho le linaheng tse ling tsa Afrika ntle Afrika Boroa le Lesotho e se khale. Likatiba li fumaneha NRH shopping Center, Kingsway Rood Maseru. Room 2G, ha u kena Pela KFC. Bakeng sa lintlha tse ling letsetsa 50222718.