By ‘Muso Nkhasi

Itumeleng Molise ke e mong oa batho ba ikamohetseng ho phela le bokooa ‘me a phela tjee ka bohle.

‘Tumie’ ka moo a reneketsoang ka teng, o re o motlotlo ho phela le bokooa kaha o se a utloisisa lehlakore leo ba tšoanang le eena ba phelang ka hare ho lona, le liqholotso tseo ba fetang ho tsona.

Ka 2007 Tumie o bile le motsoalle ea neng a ena le bokooa ba kutlo, ‘me eo a ne a mo ratile, pharela ea eba puisano lipakeng tsa bona kaha batho  ba tšoanang le motsoalle eo oa hae ba nkuoa e le hore ha ba itekanela.

Tumie ha hlaha a ena le bokooa ba kutlo le puo, o khahlane le bona ka 2008. Ho mo nkile lilemo ho amohela sena empa khabareng a fumana monyetla oa ho ithuta puo ea matsoho ka 2016 ‘me teng hoa nka lilemo tse tharo ho utloisisa puo eo le ho e fetola seka ea hae ea tsoalo. Ke moo a ileng a elelloa hore bokooa ha se bokulo.

“Ke hlokomela leqeba leo motsoalle oaka a phetseng ka lona ho fihlela ntate Molimo a monka. Ke elelloa maqhubu ao a fetileng ho ona ka lebaka la ho se tsebe puo ea matsoho, ‘me hoa mo liehisa ho ikamohela. Ke eletsa bohle ba nang le maqeba ana ho loanela ho ikamohela hoba ke morero oa Molimo ebile re lehlohonolo leha ba bangata re sa bone,” ho rialo Tumie.

Tumie o eletsa bohle ba phelang le bokooa bo fapaneng, ho tšelisana bo bona. O eletsa batsoali ba phelang le bana ba bokooa ho ithuta mokhoa oa bona oa puo le mekhoa emeng ea boipheliso.

O re ke bohloko bo hlollang ha lelapa le kopane le utloana ka puo ebe ea nang le bokooa ha hopoloe ho ba karolo ea moqoqo oa bona. O eletsa batsoali ho ithuta puo ea matsoho leha ba ntse ba se na bokooa.

“Ke tiisa hore ha hona mofuta o bohlale kapa o jarang maqhubu a maqeba joaloka batho ba nang le bokooa, ke mokhona re ka reng bokooa ha se bokuli. Re kopana le mathata a mangata a ho se amoheloe  mesebetsing ka lebaka la maemo a rona.

Ha rea iketsa hore ha re utloe kapa ha re bone, ke leqeba le fetisisang hoba ba bang ba nang le malapa ba lokela ho beha bohobe tafoleng joaloka mang le mang,” oa hlalosa.

O re ke ‘nete ‘muso o tšehehetsa ba nang le bokooa empa ho khethoa ba itseng empa ba e na le bokooa kaofela. O re sena se ka baka karohano ho bona kaha bonngoe bo tla fela kaha ba tlabe ba sitoa ho tšehetsana esita le ho tšelisana. O se a bile a ipiletsa ho ‘muso hore puo ea matsoho e be puo ea molao.

Tumie ke sengoli sa buka ‘BOKOOA HA SE Bokuli’ ‘me o lakatsa ho bona baithuti ba fumane buka eo, le malapa hore ba e le hloko batho ba phelang le bokooa ba kutlo le puo.