Tsoseletso ea moea e bapala karolo e kholo e matla bophelong ba motho ka bonngoe. Ka lebaka habolena, Moruti Simon Hlalele o mema sechaba sa Basotho tsebeletsong e matla ea tsoseletso ka la 6 Mots’eanong selemong se holimo.

 Ho batho ba ka ratang ho tseba Simon Hlalele, ke letsoalloa la naha ea Lesotho. Eena o holetse sebakeng se bitsoang  Ha-Teko Qeme Maseru.

“Ke hotse ke le ngoana ea nang le lerato la kereke haholo le pele ke fihla bocheng baka.”

Lapeng moo a holisitsoeng teng bohle ba lelapa la habo ba ne ba kena kereke ea Roma.  Kholisong ea hae, Hlalele o ne a tloha motseng oa Ha-Teko e le mosebeletsi oa misa.  O ne a sebeletsa aletare  kerekeng ea Mazenod. O hotse joalo ho fihlela a kena sekolo se mahareng sa Moshoeshoe 2  a ntse a tsoela pele ka mosebetsi oa  Ntate molimo hona moo kerekeng e kh’atholike ea Roma.

“Ke qetile sekolo ka selemo sa 1994. Ka 1995 a kula hampe hoo bophelo ba hae bo neng bo le tsietsing. Ka lebaka leo la bokuli ke ile ka isoa kerekeng ea pholoso moo ke ileng ka pholosoa ka amohela Morena Jesu joaloka Morena le mopholosi oaka.  Hang ka mora pholoso ena aba ka ea koetlisong ea boruti Johannesburg, ka nka nako ea lilemo tse peli pele ke eba moruti ho tloha ka nako eo ho fihla ha joale,” Hlalele o oa hlalosa.

Leetong lena ke sebelelitse Molimo ho tloha nakong eno ho fihlela hajoale. Nako ena eo re leng ho eona ke nako eo ntate Molimo a ileng a mpha thomo e nkileng lilemo tse ‘maloa Molimo a nts’a buoa le ‘na ka eona. Selemong sena sa ho feta sa 2022 ke ha ke lumellana le moea o halalelang hore ka e araba thomo ena. Thomo eaka e ne e le hore ke tsamaise evangeli, ke tsoe ka har’a kereke ke tsamaise evangeli ho hapa meea ka ntle ho kereke.

Molaetsa oa Molimo ke oa tsoseletso o bile o tla sebeletsa le eona kereke eleng mmele oa Christ ka tsebo eo re tloaetseng hobolela ka teng. Ka hona, taba ena ea tsoseletso e ama  kereke, e ama le batho bohle ba ka ntle ho kereke hobane lentsoe lena tsoseletso le bolela ho hotsoseletsa ntho e  neng e ntse ele teng empa e se e se maemong a ts’oanang le a pele kapo maemong ao e neng e lutse ho ona pele. 

Mohlala, ha  ke buoa ka motho a ka har’a kereke, feela a seng a lahlehetsoe ke cheseho le lerato le neng le tuka joalo ka pele la Molimo, motho enoa ke molumeli o s’a lahlehetsoe ke thapelo, o s’a lahlehetsetsoe le ke ho paka ka Morena Jesu feela. O s’a lahlehesoe feela le ke monate oa ho lula Bibeleng a lula a bala lentsoe la Molimo. Motho ea joalo ka litsoseletso tsena tseo re li ts’oarang   morero oa moea o halalelang ke ho tsoseletsa batho ho ba khutlisetsa kapo bona balumeli ho ba khutlisetsa boemong ba pele kapo leratong la pele.

Ha ke etsa mohlala ka motho ea ka ntle, motho ea ka ntle ho latela mangolo a Bibele ea sa tsebaneng le Morena Jesu kapo eo re reng ha eso fumane pholoho, Bibele e mo hlalosa  ele motho ea lefung kapo ea shoeleng, o teng feela  ho ea ka Bibele o shoele  hobane o shoele moeeng. Bophelo ho latela mangolo a halalelang ke ho amohela Christ, ke ho ba le Molimo moea o halalelang ka ho oena o le motho hobane o pholositsoe o amohetse Morena Jesu.

Taba ena ea litsoseletso tse ka ntle ke ho tla hlokomelisa sechaba kapa batho hohle moo ekabang ba lahlehile kapa  ba bolebaling ba  boteng ba Molimo  ba tsoselletsehe  ba khutlele thlokomelong eo hape. Morero o moholoholo ona ke oa ho khutlisetsa batho ho ntate Molimo ‘me rea tseba hore  ts’ebetsong e ngoe le e ngoe Molimo oa ipaka hore lentsoe ke la hae hohle moo le boleloang teng.

Molimo ena ka boena lentsoe la hae le re o sala lentsoe la hae morao ho ea le phethahatsang, ka mantsoe anang litaba tsohle tse buoang ka ena li tla feela li phethahala, e kaba li buoa hore motho kapo ho Sechaba kapa li buoa ho motho ka bongoe, li tla feela li phethahale hobane molimo o li sala morao ke mane moo mehlolo ea Molimo e kenang hona teng.

Le ha eba taba kholo ea rona hare qale re re batho ba tsoseletsehe ka lebaka la mehlolo, ba tsoselletsehe ka lebaka la bophelo bo sa feleng boo molimo a batlang ho ba fa bona. Feela ha re bolela lentsoe la Molimo mehlolo eona e ba teng hobane e feletsa lentsoe la mongoa lona. Haeba kele mohlanka  oa molimo efela litaba tseo ke buileng ka tsona efela ese tsaka ele tsa ntate Molimo, bopaki ba tsona bo tla hlahella mehlolong e tla etsahala sechabeng sa hae kapa ho motho ka bomong ba utloileng lentsoe hantse ke le bolela.  Joale taba e kholokholo ke eona eno ea  hore re re batho bohle ba atamele lits’ebeletsong tsena tsa li tsoseletso hobane re ts’epile hore Molimo o tla ba tsoseletsa maemong ohle maphelong a bona. Tsoseletso e ka sebetsa motho moeeng, nameng, licheleteng, lapeng, eka mosebeletsa boemong bofe kapo bofe ba bophelo moo ho bonahalang hore hona le lefifi la lefu.

Motho a kare o bona lintho tsa hae li senyehile, li hana ho tsamaea hantle, o bona ho le lefifi feela. Motho ea joalo o leka ho bolela hore bophelo ba hae bo aparetsoe ke lefifi joale evangeli ke leseli la molimo, evangeli hae chaba e qala e khany feela  lefifi lea tloha, ke ka lebaka lena re tla bona batho ba fola, maloetse a ba tlohela, motho enoa o  se a e ba le khotso e neng e ntse e le sieo, lintho tse neng li lahlehile re bona li se li khutla, lintho tse neng li hana ho tsitsinyeha le ho tsitsinyeha re bona li etsahala li ba le  bophelo mme hoo kaofela ho bolela botsoseletso.

Tsoselletsong ena, Moruti Hlalele o mema bohle ho ikatametsa ka bongata ho sa khethe mofuta oa kereke eo motho a ntseng a rapela ho eona. Ba kulang, ba lebeletsoe le bohle ba ratang ho pholosoa mahlokong ohle a ba ts’oenyang.