By Malisema Mahloane

Mokhotlong – “Ke thabile haholo hore ke na le haka, ha e sa le ke koma-koma ke ipotsa hore na ke tla ba le haka neng bana baka ba se bile ba e na le matlo a bona,” ana ke mantsoe a nkhono Makhotsang Nkalai ka letsatsi leo Lesotho Highlands Development Authority (Morero) e neng e buseletsa ntlo ho eena.

Makhotsang a lilemo li mashome a robeli le metso e supileng, ke e mong oa baahi ba Checheng Ha Sebera seterekeng sa Mokhotlong a amehileng ha Morero o aha tsela e lebang moo letamo la metsi a liahlaba le reretsoeng ho ba teng. Lilemog tsa ho feta, o ne a tsebisoe hore tsebetso ea katoloso ea tsela e fetelang letamong e tlilo ama motse oo ‘me ka kotloloho ntlo ea hae e tla fallisoa ke ba Morero.

Makhotsang ea neng a e-na le polata le rontabole, o re eena o ile a ananela litaba tseo ka tumellano le ts’episo ea hore o tla buseletsoa thepa eohle ea hae ka boleng bo matlafetseng ho feta ba pele. Hoba a etse tumellano le ba Morero hore a fallisoe, Makhotsang o ile a fumaneloa sebaka sa bolulo sa nakoana ha a ntse a emetse hore a haheloe ntlo e ncha e ntle. Le ha ho le joalo, nkhono o ne a ts’oenyhile a lula kamehla a ipotsa hore na tsena li phethahala neng.

Kajeno lena Makhotsang o thabile o lula ka har’a ntlo ea polata e likamore li ‘ne tse maemo a ikhethileng. Ka hoo o leboha haholo hore o ile a etsa qeto e nepahetseng ea ho amohela ho fallisoa ke Morero. Mora oa hae Sefefo Nkalai o re e ne e se e le lilemo tse fetang mashome a mane le metso robeli ‘m’e oa hae a phela ka hare ho mokhoro oo. Mobali a ka nahana hore na maemo a bolulo a ne a se a hlobaetsa joang.

“Mokhoro oo ke neng ke lula ho oona ke ne ke o hahetsoe ke monna oaka ke sa fokola haholo lilemong. Bana ba ka ba holetse ka teng, kajeno ke na le litloholo,” Makhotsang o fana ka pale ea hae.

Sefefo Nkalai o hlalosa ha le eena a unne molemo litlhophisong tse entsoeng pejana ha Morero o aha litsela. Masimo a hae a ne a hloailoe ele a mang a amehileng ka har’a ts’ebetso, ‘me a fumana puseletso ea chelete eo a atlehileng ho haha ntlo ea bolulo.  A boela a atolosa leruo la hae la likhomo. Ka tsela e ts’oanang o khotsofetse ke litlamorao tsa ho sebetsa le Morero.

Le hoja Makhotsang a ne a batletsoe ntlo ea bolulo ea nakoana ke ba Morero, Sefefo o bonts’a ha eo ‘m’ae a ne a ntse a hloka khotso hoo a neng a tlameha ho mo atametsa haufi le moo a ntseng a bona ha ntlo ea hae e ncha ha e hahoa e le hona ho buseletsa ts’epo ho eena. Ka hoo o ne a lula le Makhotsang.

Sefefo o tsoelapele ho hlalosa hore tulo ea ‘m’e oa hae e ne e batla e le e bolutu ‘me sena se ka pakoa ke ba neng ba le teng  letsatsing leo ba Morero ba mo fang ntlo. Thabo ea hae e ne keleketlisa likhapha ha eena a ntse a khothatsoa hore o tla phela ka khotso lapeng la hae. Sefefo o hlalosa hore mokonteraka o bile le liqholotso tse ngata hoo ts’epo ea nkhono e neng e se e fokola. Empa letsatsi la phano ea matlo ke leo nkhono a ke keng a le lebala, ke letsatsi la thabo e kholo ho eena le bohle ba ntlo ea hae.

Khahong ea ntlo ena, Morero oa metsi a lihlaba o etse hloko litlhoko tsa letsatsi le letsatsi tsa baahi. Ka ho otloloha, ntlo ea Makhotsang e na le jarete e ntle me ka har’a teng ho entsoe lijalo tsa meroho e hona hore nkhono a phele ka lijo tse fumanehang haufi tseo a ka atlehang ho li hlokomela ha bobebe. Ho teng hape leifo le matlafetseng e hona ho baballa mofuthu nakong ea ho pheha le meea e bohale. Leifo le ahiloe ka tsela eo pitsa e nts’o ea ka ntle le ea ka tlung li ka sebelisoang sebakeng se le seng. Libeso li haufi moo batho ba holile joaloka Makhotsang ba ka atlehang ho pheha bas a sokole lisebelisoa.

Ho boetse ho na le tanka bokellang metsi a bongata ba likete tse hlano. Sebaka sa boithuso se haufi le ntlo e le ho thusa nkhono ho phela ka boiketlo le ho etsa mesebetsi ea lelapa a phuthollohile.  

Khahong ea ntlo ena ke baahi ba ‘maloa ba atlehileng ho una molemo oa chelete ka hore ba fuoe mesebetsi e menyenyane ha ba bang ba ne ba fuoe monyetla oa ho ithuta ho haha ka setene. Kamochana Tumi le mora oa hae Motlalepula Tumi ba lulang Ha Ntsetsanyana ke ba bang ba lebohileng ho fumana molemo ka litsebo tsa bona nakong ea khaho ea matlo motseng oa bona.

Ke malapa a mararo a Nkalai a fuoeng matlo ke Morero ho kenyeletsoa le Makhotsang. Bona ke Libuseng Nkalai le Ts’eliso Nkalai le hoja bobeli bo se bo e na le nakoana bo kene ka matlung. 

Ba bile teng phanong ea matlo sebakeng sa Checheng ke Musi oa setereke sa Mokhotlong Ntate Serame Linake,  Mofumahali Malebohang Lethakha morena oa sebaka, Mokh’anselara Ntate Teboho Nkalai, liofisiri le baokameli ba mafapha a fapaneng a Morero, baahisane, sechaba sa motseng oo.

Monghali Teboho Nkalai o bonts’itse ha a qala ho bo bona botle bo joalo. Ba thabile ba khotsofetse, ba kholisehile hore Morero o tlile ho ntlafatsa maphelo ho isa maemong a betere. A hlalosa hore mookameli oa Polihali Ntate Mokone o ne a ba kope ho lokolla mangolo a form C hore mosebetsi o qale, ‘me ba ts’epahetse. Ka lebaka lena ba kopa  mookameli a etse hore sechaba se bone bohlokoa ba morero ka hare ho setereke sa Mokhotlong.

Monghali Nts’oli Maiketso o lebohile sechaba sa sebaka ka tsebelisano mmoho e mofuthu le morero a qolla ka kotloloha nkhono Makhotsang ka ho lumella hore bophelo le tulo ea hae li angoe ele hona ho nts’etso litaba tsa morero pele. Maiketso a re o motlotlo ho bona nkhono a keleketla likhapha.

‘Musi oa setereke sa Mokhotlong Monghali Serame Linake eena puong ea hae o hlakisitse hore basebeletsi ba morero oa metsi a lihlaba ba behiloe sebakeng seo ho bona hore sechaba se una melemo pele letamo le eba le metsi. A boela a hlalosa hore le ha ho le joalo ke lintho tse ngata tse sechaba se bonts’ang se sa li khotsofalle empa li sa bonahale li etsahala. A kopa bana ba Nkalai ho its’ebeletsa ba se tsekise ‘m’e oa bona molemo oo a o unneng. A qetella ka ho kopa sechaba se seke sa loants’a batho ba morero empa ba ithute ho sebelisana ka khotso. A kopa baahisane re kopa le thuse nkhono hore a lule a thabile ka tsela eo a ts’oanang.