By Liapeng Raliengoane

MASERU – E le ho ntlafatsa lipalo-palo tsa temo, Mokhatlo oa Temo le Lijo oa machaba a kopaneng (FAO) ho hlaha Italy o ntso rupela bahlanka ka mekhoa ea ho ngola, ho hlahisa le ho fetisa litaba tsa lipalo –palo ka tsela eo sechaba se tlang ho li utloisisa.

Thupelo ena e qalile maobane Maseru ‘me e tla tsoelapele ho fihlela ka Labohlano la beke eona ena. Thupelo ena ke mokhahlelo oa bobeli oa lilemo tsa 2020-2025 ‘me e bitsoa   Morero oa lefatše oa ho ntlafatsa lipalopalo tsa temo le tsa ka lithabeng (Global Strategy to improve agricultural and rural statistics).

Ea tšoereng molepo e le Mookameli oa lafapha la lipalo-palo tsa temo le kanetso ea lijo (Agric and Food security Division, Bureau of Statistics) Mofumahali Mpho Nkune o itse thupelo ena e tlisitsoe ke mokhatlo oa lijo le temo oa machaba a kopaneng oa naha ea Italy (FAO).

Mofumahali Nkune o hlalositse hore bohlokoa ba thupelo ena ke hore e le ba sebetsanang le lipalopalo ba se batla phatlalatsa le ho ngola lipalo ka tsela eo batho ba e utloisisang. A boela a re thupelo ena e bohlokoa hoba ba tlo ithuta ho sheba ka botebo litaba tsa lipalopalo kaha ba e-na le qholotso ea hore ha ba hlahise kapele ho sechaba, lipalopalo ka tsela eo batho ba li utloisisang.

Morupelli ho hlaha Mokhatlong oa lijo le temo (FAO) Italy Monghali Michele Rocca o itse sepheo sa thupelo ena ke ho ruta bahlanka le bohle ba nang le kobo ea bohali, le ho ntlafatsa tsela eo naha e fetisang lipalo-palo le ho sheba lipalo-palo tseo ka botebo e le ho fana ka maikutlo.

A re ha bahlanka ba e-na le tsebo ea ho fetisetsa lipalo-palo tsena sechabeng ka tsela e utloisisehang, taba ena e tla thusa sechaba, baqolotsi le babafutsi ho atleha ho nyakurela le ho hlalosa lipalo-palo tseo ho se tšita ea letho. Le hore sechaba se tla tseba ho fumana lipalopalo tse tšepahalang ho tsoa mohloling o tšepahalang ebile se tseba ho ipalla le ho li hlalosa.

Monghali Rocca a re thupelo ena hape e tla thusa molemong oa liphuphutso le ho babusi.

E mong oa barupeloa, ebile e le Phala ea lekala la tsa lichelete le meralo ea ntšetsopele Mofumahali Mpho Mosili o itse tebello ea hae ka thupelo ena ke hore a ithute ho fetisetsa litaba tsa lipalopalo sechabeng.

Morupeloa e mong hape ebile e le Mookameli oa lipalopalo tsa Horticulture ofising ea Lipalopalo Mofumahali Nthati Tšoaeli o itse eena tebello ea hae joaloka motho ea sebetsanang le lipalopalo, ke hore thupelo ena e mo matlafatse ho sebetsana le lipalopalo le ho li hlahisa ka tsela e nepahetseng e bobebe.