BY : Liapeng Raliengoane

QUTHING – Baahi ba Toosing seterekeng sa Quthing ba re hara mathata ao ba tobaneng le ona, ba atetsoe ke bakuli ba lefu la kelello leo ba bang ba bona ba se ileng ba chesa matlo lore! Ha ba bang ba se ba phela ba fasitsoe matsoho hore ba se ke ba senya, ‘me ba fumana ho hlokeha hore bakuli bana ba nanabetsoe ka ho kholisoa.

Puisanong le Nkhono ‘Makeneuoe Marai ho hlaha Ha Mabele-a-tlala Toosing, o hlalositse ha a e-na le mokuli oa lefu la kelello e leng ngoana oa hae ea lilemo li 39. Ngoana enoa oa hae, nkhono o itse o ile a chesa ntlo ka 2004 ‘me a boela a haha e nngoe hape.

Ha a tsoelapele, o itse bothata bo bong beo ba tobaneng le bona e le baahi, ke tsela e senyeileng, ‘me sena se etsa hore ba tsamae ka maoto ho ea setsing sa bophelo. A re ha a e-ea setsing sa kokelo Mount Moorosi, ho nka nako ea lihora tse tharo ho fihla empa haeba ba tsamaea ka likoloi tsa baeti litjeo ke M70.00 ho ea le ho khutla.  

Nkhono Marai a re bothata bo bong ke ba tlhokahalo ea borokho kaha a itse ha a ilo khola pei, o tšela noka e senang borokho ‘me ba kopa borokho hore ba bolokehe.

Mofumahali Nozipho Buhle ho hlaha Mateleng Toosing o tekile mathata a mang ka tsela e latelang, “Bana ba tlokotsing kaha ba kena sekolo hole ‘me ba tsamaea nako e telele holima ho bile ho sena borokho, ka nako ea lipula e-ba re le batsoali re ea ba tšelisa. Ke hopola ka 2014 ho na le ngoana eo esale a nkoa ke noka o ntse a e-so fumanehe le kajeno, ho no hlahe seeta feela. Re boetse re kopa nanabetso ea motlakase sebakeng sa rona.”

Mofumahali ‘Maletsekang Nkofo ho hlaha motseng oa Mateleng a re eena o tlohetse mosebetsi oa malapeng Afrika Boroa ka lebaka la bokuli. A ipiletsa ho ba ikarabellang hore ba hlaise mesebetsi hona metseng, ekang ea ho fothola lihalahala, ho etsa metseletsele le e meng, e le hore sechaba se atlehe ho iphilisa le ho hlola tlala.

Lehlakoreng la hae, Mofumahali ‘Matlholohelo Kanetsi o itse o na le mokuli oa lefu la kelello eo ba lulang ba mofasitse matsoho hore a se ke a senya.

Kaofela baahi bana ba Mateleng ba itse motseng oa bona, hona le bakuli ba lefu la kelello ba babeli ‘me ba bona ho hlokahala hore hobe le sepetlele sa bakuli ba lefu la kelello seterekeng sa bona, ba sa sie morao taba ea hore bakuli bana ba kholisoe kaha bare ha ba tsebe ho iketsetsa letho.

Ho sa le joalo, Morena oa sebaka Morena Bereng Sempe Nkoebe o itse o kopela sechaba sa habo litsela le katametso ea litšebeletso.