BY: Liapeng Raliengoane

MASERU – Sekolo sa English Foundation, se thusang batho ba lilemo tsohle ho akha le bahoebi, ho bua le ho ngola Senyesemane, se ketekile lilemo tse leshome se theiloe hona khoeling ena ea Tšitoe.

Sekolo sena se fumanehang motse- moholo Maseru, se boetse se butse makalana libakeng tse akhang hara tse ling, Maputsoe, Mafeteng le Berea.

Mothehi oa sekolo sena Monghali Halejoetsoe Mabaleha o supile hore sepheo sa sekolo sena ke ho ruta batho ba lilemo tsohle ho buoa le ho ngola Senyesemane ka tsela e hlakileng. Ore ho bile boima haholo nakong eo a neng a qala sekolo sena empa a se ke a nyahama, a hahamalla pele.

Nakong eo a thehang sekolo sena, Monghali Mabaleha o bontšitse hore o ile a hlokomela hore ho na le bahoebi ba sitoang ho ntšetsa likhoebo tsa bona pele ka lebaka la khaello ea puo ea Senyesemane.

A re sekolo sa ha habo se ile sa koala sekheo seo ka ho matlafatsa beng ba likhoebo ka mokhoa puo.  Ho fihlela ha joale ke batho ba baloang ka makholo-kholo ba seng ba imonne menoana ka litsebo tseo ba li fumaneng sekolong moo.

 “Sekolo sena se ntšitse likakapa, se thusitse batho ba fihlileng mona ba sa tsebe Senyesemane ho hang,” ho boletse Monghali Mabaleha.

Monghali  Mabaleha a supa hore o se a ena le baithuti ba hlahang Afrika Boroa ba tlang sekolong sena ho tla ithuta.

 “Taba ena ke katleho e kholo,” ke eena eo, a eketsa ka hore o boetse o tseba ho thusa baithuti ba batlang ho ithuta ka marang-rang, ba sa atleheng ho tla lihlopheng. 

Monghali Mabaleha a supa hore ho bile le mathata tseleng ea hae joalokaha ho sena tsela e se nang mathata. A bontša hore nakong ea seoa sa Covid-19 ho bile le baithuti ba ileng ba nyahlatsa sekolo ka lehare hobane ba sena mokhoa oa ho itefella kaha mesebetsi ea bona e ile ea fela.

“Sepheo sa ka ke ho fetola bophelo ba bana ba Basotho le batho ba ratang ho ithuta Senyesemane,” ke Monghali Mabaleha eo.

E mong oa baithuti ba mehleng ba sekolo sena Mofumahali Mary Moletsane o bontšitse ha a ile a tlohela sekolo khale ka lebaka la khaello ea lichelete. A supa hore o ne a rata ho ithuta Senyesemane hore a tsebe ho kopana le batho litabeng tsa khoebo, empa puo ea Senyesemane e ne e le bothata.

Kajeno lena o ikotla sefuba hore o thusehile kaha ho se ho se ho sena letho le mo emang pele ka litaba tsa puo.

Sekolo sa English Foundation se fana ka thuto ea ho ngola le bua senyesemane ho batho bohle ‘me motho a ka nka selemo ho isa ho tse peli ho ea ka hore na tlhoko ea hae e hakae ea ho tseba Senyesemane.