BY :Liapeng Raliengoane

MASERU – Sechaba sa Ha Nkhema, Nazareta se lla ka hore ka lebaka la bo hole ba sebaka sa bona, ba hlokomela hore litšebeletso tse ngata li ba pota ka thoko ‘me ba ipiletsa ho bafani ba litšebeletso hore ba ba hopole.

Puisanong le Mofumahali ‘Mafani Mokhele, e le Mosuoe-hlooho Sekolong sa Mathomo sa Lelala o itse hangata bafani ba litšebeletso ba lla ka hore sebaka sa bona se hole, le tsela ke bothata, e mpe.

“Lijo tsa bana ba sekolo ha li e-tla sekolong mona li latuoa hole motseng o mong moo koloi e fellang mme e-ba ho tla fihla sekolong, re kopa thuso ea batsoali le bona bana ba sekolo ho li lata.”

Mofumahali Mokhele a re bosieo ba motlakase ke bothata bo bong, a sa sie ka thoko bosieo ba khokahanyo hore ba atlehe ho letsa le ho letsetsoa le ho kena marangrang.

A eketsa hape hore, batsoali ha ba utloisisi thuto ena e reng bana ba fete feela kaha le matichere a likolo tse phahameng a re bana ha ba fihla ho bona ba sa tsebe letho.

“Sebakeng sena sa rona kaha se mahaeng, batsoali ka leleng etlare likolo li butsoe, a iphetele le ngoana hae ba ea masimong, e be ba hlalosa hore ngoana o tla nne a tle sekolong o sa ilo hlaola. Hape bana ba tsoa sekolo ba ikele lebollong e be ha ba sa ituba ka ho khutlela sekolong ha ba bang bona ba tsoa sekolo e be ba ilo sebeletsa batsoali.”

Mosuoe-hlooho a hlalosa hape hore sekolong sa Lelala bana kaofela ba sekolo ba 124, matichere a teng a mahlano empa ka lehlohonolo ba ekelelitsoe ka ba babeli ba Lihalahala.

Ho sa le joalo, e mong ea itseng ke mobulli, Monghali Setofolo Makhakhe a re ba fana ka thuto e le banna ba thaba hore babulli ba nene tlhekefetso ‘me haeba mobulli a ka fumanoa a ntse a fereha bana ba banyenyane kapa a ba nonosa chelete, eba tlaleho eo e fihla ho bona e le babolli, ba tla sebetsa taba eo.

Litabeng tse ling, Morena oa Ha Nkhema, Morena Sello Mohajane Nkhema, o itse sebaka sa bona se aparetsoe ke liqholotso tse ‘maloa tse akhang maqheku le maqhekoana a hlekefetsoang ka motabo le ho bolaoa. Bosholu ba liphoofolo le ba boqhobane le basali ba bacha ba patang tlhaho ea masea.

“Selemong sona sena, re bile le bothata ba mocha ea patang tlhaho ea lesea. Eaba joaloka Morena, ha ke sebetsa litaba tseo, metsoalle ea hae ea nthohaka ea bolela ka moo banana ba bang ba ntseng ba pata tlhaho ea masea empa ba sa etsoe letho, eaba kere ba ntše mabitso a banana ba joalo empa ka tea kalala,” a rialo Morena.

Leha ho le joalo, Morena o hlalositse hore ba ntse ba tsoelapele ho fana ka tlhokomeliso motseng ka litlolo tsa molao ba sebetsa ‘moho le sepolesa.