Ka ‘Mamohaila Rampo

MASERU

Mooki setsing sa bophelo sa Nkau Mofumahali Moreli Khobotle o re boholo ba batho tikolohong ea Mohale‘s Hoek Hloahloeng le Quthing ha ba je lijo tse matlafetseng ka hona seo se baka khaello kholong ea bona.

Khobotle o re boholo ba batho ba phelang libakeng tse pela Hloahloeng ba bakhutšoanyane ka seemo ke hona.

Mooki o elelloisa sechaba hore sena ha se semelo empa ke a mang a matšoao a khahello ea phepo e nepahetseng.

Khobotle o re hangata masea a haelloang ke phepo e matlafetseng nako e telele, a ba le bothata ba ho khineha likelellong tsa bona bophelo bohle.

Ha a tsoela-pele, Mooki o re ho latela bakuli ba tlang kalafong setsing sa bophelo sa Nkau, boholo ba bona ba ja mofuta o le mong oa lijo sehla kaofela.  

“Nakong eo ho qetoang ho kotuloa linaoa masimong, ba tla ja tsona fela hofihlela li felile, seo se ama kholo ea bona. Ba bang ba tla ja papa ka thepe sehla kaofela ba sa fetole mefuta ea lijo, ‘me sena se kotsi maphelong a bona,” ho rialo Khobotle.

O tsoetse-pele ho hlalosa hore batho ha ba elelloe litaba tsa lefu lena le hore ke lefu le kotsi haholo, kaha le na le litlamorao tsa moshoellella. A re ka lebaka la lefu leo, bana ba sitoa ho ithuta hantle likolong.

Moahi Mofumahali ‘Maliengoane Lerotholi o itse ka lebaka la tlhokahalo ea motlakase tikolohong eo, batho ha ba atlehe ho sebelisa lihatsetsi kahona, ba bang ba e ba qetelle ba e-ja lijo tse bolileng haholo ka nako ea hlabula ha lijo li senyeha kapele.

Mooki o hlalositse haa chefo ea lijo tse senyehileng e silafatsa lijo ho tloha moeng, ‘me eena o belaela hore bakuli ba fumana tšoaetso malapeng moo lijo li sa tšoaroeng hantle kapa li sa phehoang  ka nepo.

“A mang a matšoao a chefo ea lijo a bonahalang bakuli ba a isa setsing khafetsa a kenyelletsa, matsoao a ka qalang lihora tse seng kae ka mor’a ho ja lijo tse silafetseng, hangata a kenyelletsa ho nyekeloa ke pelo, ho hlatsa kapa letšollo,” ho rialo Khobotle.

Mooki o bontšitse ha chefo eo e sa phekolehe ka thata ebile e rarolloa ntle le kalafo, empa e sitisa kholo e nepahetseng.

Ho sa le joalo, Mooki ha a bolela liqholotso tseo setsi seo se tobaneng le sona, o itse sephethephethe sa bakuli ba tlileng kokelong se ba sengata haholo. Hoo ba sitoang ho thusa batho boohle ka nepo.  Khobotle o itse Setsi sa Bophelo sa Nkau se nkuoe joalo ka sepetlele empa e le tliliniki.

Hape o itse setsi seo ekaba sa boemo bo boholo kaha ba sitisoa ho sebetsa ka lebaka la tlokahalo ea motlakase.

Tlaleho ea Banka ea lefatše e supa ha bonyane karolo ea 33.2 lekholong ea bana bohle ba ka tlase ho lilemo tse hlano Lesotho ba na le bothata ba kholo ka lebaka la phepo e fosahetseng.

Tlaleho e re sekhahla sa kholo e sa nepahalang ho bana ba lilemo tse hlano ho ea tlase naheng ea Lesotho se phahame ho feta linaha tse futsanehileng ho feta Lesotho boo Ghana, Guinea, Mali, Mauritania, Sao Tome, Uganda le Zimbabwe.

Ho tloha selemong se fetileng, Banka ea lefatše ka morero oa eona e kentse koetliso ea basebeletsi ba tsa bophelo metseng ho hlokomela kholo ea bana, ho eletsa bo-‘m’e le malapa ka phepo e nepahetseng bakeng sa masea, bana le bo-‘m’e.

Ho feta mona, ‘muso oa Lesotho o thakhotse tokomane e sireletsang bana maobane (NSPS II). NSPS II e tšehetsa batho ba futsanehileng ‘me e sisinya maano a mangata a pheliso ea bofuma, ho kenyeletsa: Katoloso ea Lenaneo la Lithuso tsa Bana ho moimana ea futsanehileng.

NSPS II ha e felle feela ho rarolla mathata a amanang le tsamaiso, e boetse ke tokomane ea leano e matla e sa sisinyeng feela mehato e lokelang ho nkuoa ho ntlafatsa tšebetso ea mananeo a fapaneng a tšireletso ea bana.

Khaelo ea phepo e khina kholo ‘meleng: Mooki