Liapeng Raliengoane

MAFETENG – Barutoana ba sekolo se phahameng sa St. Thomas ba nyonyorehile ke tsela eo, ho ea ka tlhaloso ea bona, litokelo tsa bana li hatikeloang ka eona le ha kamehla ho tlalehoa hore bana ke bokamoso ba naha.

Tsena li etsahetse ka Labohlano le fetileng, moo barutoana ba sekolo se phahameng sa St. Thomas ba ileng ba etsa mokoloko oa nyatso oo ka ona ba neng ba tsetselela hore toka e ajoe mabapi le pelaelo ea tlhekefetso ka motabo e entsoeng ke monna ea nang le lelapa hona tikolohong eo, ho morutoana oa sekolo seo ea lilemo li mashome a mahlano (15).

Mokoloko ona oa nyatso o ile oa qala lekhalong la Ha Makhakhe ‘me oa qetella lebaleng la sekolo.

Ha a fana ka sepheo sa letsatsi lena, Tichere sekolong se phahameng sa St. Thomas Mofumahali Kefuoe Molise o itse e le sekolo ba bokane ho ba ba oetsoe ke leru kamor’a ketsahalo ena.

Ha a tsoela-pele ho hlalosa, Mofumahali Molise o itse, “Kajeno ke letsatsi la pele le qalang matsatsi a 16 a ho nena tlhekefetso khahlananong le basali le bana, ‘me ka lona letsatsi lena re le sekolo re ema khahlanong le tlhekefetso e entsoeng ho morutoana oa rona.”

Lebitsong la barutoana, morutoana ea buileng (eo re tlang ho pata mabitso a hae hoba a le ka tlaase lilemo tse 18), o itse e le barutoana ba qala matsatsi a 16 ho nena tlhekefetso khahlanong le basali le banana ka meokho kaha monna eo e mong morutoana ‘moho le bona a neng a nkile e le motsoali, mohaisane le moholisi a ile a mohleketsa.

Ka mesarelo eohle morutoana a re; “Thlekefetso e na e entsoeng ho ngoana’bo rona ha se ea ‘mele feela empa e mo amme maikutlong le kelellong. Bana ke bokamoso ba naha ea bo bona, empa re ba bokamoso ba naha joang ha litokelo tsa rona tsa mantlha li hatikeloa? Mapolesa  a nka nako e telele ho etsa lipatlisiso, makhotla le ona a nka nako ho aba toka, ebile a fana ka beile (Bail) ho bahlekefetsi. Kajeno, re kopa makhotla a nahane bocha, kabo ea toka e phethoe ka litaba tsena ‘me ‘melaelloa enoa a lleloe ke litšepe.”

Ho tsoa mokhatlong oa Thuto ea Khotso (Development for Peace Education) Mofumahali Melida Kuape  o itse ele mokhatlo, ba na le tšebetso eo ba e etsang le likolo moo ba anetsang thuto ea khotso ho likolo.

“Letsatsi lena le mahlonoko haholo, ka ho fetisisa, ho bona barutoana ba tsoile ka makhalo ho elellisa bahlekefetsi hore ho lekane. Thuto ea khotso eo re fanang ka eona likolong e kenyelelitse thuto ka boetapele, hobane re lumela hore ha boetapele bo nepahetse, litaba tsa khotso le tsamaiso lia nepahala.”

Mofumahali Kuape a bolelle barutoana hore bana le tokelo ea ho apara joaloka bana, hape ka moo bona ba utloang ba khotsofetse, ‘me ha hona mohlekefetsi ea lokelang hore o ba hlekefelitse hoba a phephelitsoe ke moaparo oa bona. A re ‘mele ea bona ke ea bona ha hona motho e mong ea nang le tokelo holima eona.

Mookameli oa Sekolo Mofumahali ‘Malucia Leboto a re e le sekolo ba saretsoe haholo. “Ha ho monate ha bo-ntate ba ntse ba hlekefetsa bana ‘me kajeno re qala matsatsi a 16 ka mesarelo e meholo hoba re le mahlatsipa a tlhekefetso e etselitsoeng morutoana oa rona. Ke le ea lisitseng bana sekolong mona, kannete ke utloa ke saretsoe haholo ‘me re tšoela ka sehlethela sa mathe ketso ena e etselitsoeng morutoana.

Setho sa boto ea sekolo se phahameng sa St. Thomas Mofumahali ‘Mapoloko Maphathe o itse ba bohloko haholo ke ketso ena e etsahalletseng morutoana oa sekolo. A hlalosa hore tlhekefetso ke ntho e bohloko ‘me ha e etsoa ho ngoana e bohloko ka ho fetitisa. A re basali le banana ba a hlekefetsoa ‘me ba phela ba le tsietsing le moo ba tsamaeang ha ba kopana le batho ba bo-ntate. A kopa hore ‘muso o ke o shebe litaba tsena ka leihlo le nchocho, ‘melaelloa enoa oa ketso ena a lleloe ke litšepe.

Lebitsong la boemeli ba Lekala la Thuto le Koetliso, Mohlahlobi oa likolo Mofumahali Palesa Ramonate a re ho fihlile tlhokomelong ea lekala la hore bana, ho sa khethe na ke moshanyana kapa ngoanana, ha baa sireletseha matsohong a batho bao ba leng boliseng ba bona. A ipiletsa hore bana ba hlomphuoe ba be ba sireletsoe kaha ba e-na le tokelo ea ho phela ka bolokolohi bohle.

“Bashanyana le lona le bue ha le hlekefetsoa. Sechaba se lla ka makhotla, le rona re le lekala la thuto re lla ka makhotla joalokaha le lona kajeno le cho. Ho na le ngoana ea ileng a hlekefetsoa ke tichere ka 2018 ‘me hofihlela kajeno nyeoe eo e ntse e-so oele. 

Mofumahali ‘Maseeiso Joele Seeiso e le Morena oa sebaka, o itse ke Morena ea hloileng tlhekefetso ka pelo ea hae eohle. Ha bua le barutoana, a ba khothaletsa ho bua ha ba hlekefetsoa, ba se ke ba pata tlhekefetso.

Qetellong ho ile ha baloa molaetsa ho hlaha ho Letona la Molao le Toka ‘me molaetsa ona o ne o hlalosa ha lekala le masoabi ke litlaleho tsa tlhekefetso ea basali le banana kahara naha. Lekala le itse le thoholetsa sechaba sa ha Makhakhe ho kenya letsoho toantšong ea litlolo tsa molao.

Ho ea ka Mookameli oa Mokhatlo oa World Vision Lesotho, Monghali James Nkemba Chifwelu, litlaleho tsa World Vission Lesotho li supa ha ho fihlela joale, ka tšebelisano ‘moho le Sepolesa sa Lesotho, litlaleho tsa tšireletso ea bana tse tlalehiloang li nyolohile, ke bonyane sechaba se  23 000 se fuoeng thuto ka tekatekano, bashanyuana le banana ba 17 800 ba rupetsoe ka tšireletseho ea bana le melao a ba sireletsang e le ho fihlela lipehelo tsa Mongoaha-Kholo tsa leshome le metso e tšeletseng (SDG 16) eleng khotso, toka le litsi tse matla.

World Vision e re e fihletse banna ba  7 800 ho ba ruta ka molao oa sireletso khahlanong le tlhekefetso ka motabo oa 2003. Ke likomiti tse 11 tse thehiloeng ke Sepolesa ho sireletsa lentsoe la sechaba. Hape ke mahokela a 5 500 a rutiloeng ka tšireletso ea bana.