By Mpho Shelile

Maseru

Crystal meth (methamphetamine) e tsebahalang hape ka (ice kapa glass) ke sethethefatsi se bonahalang se jele setsi bacheng ba Lesotho haholo-holo seterekeng sa Maseru. ‘Me lebitso ice le tsoa ho chebahalo ea sethethefatsi seo.

Sethethefatsi sena se bonahala se le kotsi hoo ‘me ha se molaong. Lipatlisiso li bonts’a ha methamphetamine ebile teng ho tloha khale ‘me ene e sebelisoa ke masole a neng a loana ntoeng ea bobeli ea lefats’e ele hore ba se robale. Ha joale, e sebelisoa ke bacha ka sepheo sa ho ithabisa.  ‘Me re le naha re ipotsa hore na bokamoso ba bacha bo bolokehile ho le ho kae.

Basebelisi ba meth ba bontsitse ha e ba thusa ka ho etsa hore ba ikutloe ba thabile. Bale morolo, esitana le ho ba tlatsa ka boits’epo boo ebang bane ba bo hloka. Empa ba boletse ha meth e na le litlamoraho tsa teng tse ngata tse bileng li leng bohloko. Ha motho a e sebelisa khafetse e qetella e mo nyala, ‘me hang e theha kopano eno feela ho bolela hore bophelo le bokamoso ba mocha bo fella hona moo, e fetola motho lekhoba la eona. Hape e na le likotsi tse ngata hoba e sebelisang, ‘meleng, maikutlong le kelellong hape ho thata ho motho ea sebelisang meth hore aka boloka bohloeki bo nepahetseng ‘melleng.

Litlamorao tsa ICE ke tse latelang; e ka etsa motho a ilibanang kapahona ho nka bophelo ba hae, e etsa motho a lulang a ts’ohile ebile a ferekaneng, motho oa eona o lahleheloa ke boroko ebile o lahleheloa ke takatso ea lijo, e etsa motho a maikutlo a ferekaneng, e ts’oarisa mafu a letlalo ekaba liso le makhopho asa phekoleheleng ha bobebe, pelo le mats’oafo li ea ameha, e etsa motho a ferekaneng hoo a bonang ntho tse sieo, ka mantsoeng a mang e balehisa kelello ea motho. Ba bang ba bacha ha ba atlehe ho nka liqeto tse nepahetseng me e ba susumeletsa ho etsa tlolo tsa molao.

Basebelisi ba sena bongata ke bacha, ba tlohetseng ho ea sekolo ka lehare, ba phethetseng lithuto tsa bona likolong tse phahameng esitana le bacha ba lutseng hae tlhokong ea mosebetsi. Bona bacha bana ba bontsha ha meth o bathusa ho lebala mathata a bona. Hape ba bonts’a ha litjeo tsa ICE li le tlase hofeta ‘cocaine’

 Motho ea sebelisang ICE o bonahala ka ho fetoha ha e ne e le motho ea itlhokomelang ebe ha a sa itlhokomela, haele motho a sebetsang, mosebetsi o oa fela, ‘me e etsa motho a fetohelang metsoalle ea hae ea bileng a leng lekunutu kapa motho oa teng o hloka ‘nete. O lutse a hula moriri, motho oa eona ha a je ka hona o theoha hampe ‘meleng. O lula a koatile hape o fetoha lesholu haeba feela a ka hloka sethethefatsi sena me ebe ha a na chelete, ‘me motho oa teng aka etsa sohle se matleng a hae ho se fumana.  

Meth e qabanya basebelise ba eona le malapa a bona kapa a bo bona ka hofetola mokhoa oo motho oa teng a neng a phela, boits’oaro, le ka mokhoa oo ba lahleheloang ke kelello ka teng. Ka hona ba lelapa esita le metsoalle ba khothatsoa hore baka thusa motho ea joalo ka ho mo batlela thuso litsing tsa kokelo, hoba hoo ele leoto la pele ba ka le nkang, hots’ehetsa lehlasipa, ‘me ba eletsoa hoba le mamello hoba ele ntho e tlisang katleho ha o sebetsana le bona. Le ka ho theha mekhatlo e bonts’ang le hona ho hlahlella bacha ka tsebo e nepahetseng hore na ba ka ikobela lithethefatsi joang. Leka ho theha mekhatlo ea bona batho ba seng ba batla ho tlohella lithethefatsi.

E mong oa basebelisi o bonts’itse ka moo Lesotho le senang sitsi sa kokelo ea batho ba hlotsoeng ke lithethefatsi. Se neng sele teng Thaba Bosiu se neng se koaloe.  Se koetsoe ‘me Basotho ba ipotsa hore na se tla buloang neng bana ba Basotho ba tsebe ho fumana thuso ha e le mona naha e oetsoe ke seoa sa lithethefatse le botaoa ka ho ts’oana. ‘Muso o nts’itse masole   ho ea beha leihlo lehona ho leka ho fokotsa kapa ho felisa thekiso le ts’ebeliso ea sona sethethefatsi sena, me hona ke sesupo sa hore muso o elelloa bothata bona ebile o leka ho kenya letsoho ho laola le ho fokotsa kapa ho emisa boemo bona.