By Mpho Shelile

MASERU – Bahoebi ba banyenyane le baits’okoli ba kopane beke e fetileng  ho seka seka se ba emeng pele, e leng ‘muso o  sa arabeng litlhoko tsa bona. Ntate Motlere Thobi e leng mothehi le molula setulo oa Micro Small and Medium Enterprise Association (SMMEs) o boletse sepheo le ‘moka oa kopano ea bona e le ea ho qetela e le ho tsebisa sechaba litaba le liqholotso tseo ba kopanang le tsona e le bo ralikhoebo tse nyenyane le tse mahareng.

Ha a bua, Thobi o itse ntlha ea pele ke ea hore melata e nkile khoebo tsa bona, ntlha ea bobeli ke ea hore ‘muso o ba kolota chelete esale ba e ts’episoa ka seoa sa covid19 e le hoba likhoebo tsa bona li koetsoe. Ntlha ea boraro ke ea hore ‘muso ha ona khokahanyo le bona ele bahoebi ba banyenyane, ka ho etsa liqeto nthong tse amanang le bona. ‘Me ba ngongorehile haholo e le bahoebi ka taba ea tsena.

Maremi Mabathoana eleng mongoli oa mokhatlo oa Thibella Vendors Association (TVA), o lelekella tabeng ea muso o ba kolotang chelete ea seoa sa covid19. ‘Me o bonts’itse ele nako e telele haholo hore ekaba ha baso fumane chelete eo esaleng ba e ts’episoa ke Tona Kholo ea mehleng Mohlomphehi Motsoahae Thomas Thabane ka la 29 Tlhakubele 2020, ‘me ka la 1 Phupu 2021 ba ile ba ipiletsa ho muso ka eona. Ba ile ba etsa mokoloko ka hare ho teropo ea Maseru ba kopa chelete ‘me ha ba fumana karabo. Ba etsa qoso ‘ me nyeoe ea ba hlola ka lereng ba bapalla lekhotleng. Taba ena hae eaka ea eba monate ho hang ho bona. Maremi o bonts’itse ha lijo tseo ba li rekisang li ne li bole hoba bane ba koalloe khoebo ntle le theriso tsa letho, joale ha ba kopa chelete ea bona ho thoe ba bapalla ka makhotlang. “Ha re batho ba fuoang, re batho ba itsoarelang ka matsoho a rona. Empa  sekete le mashome a mahlano a rona eona re ea e kopa,” ho rialo  Maremi.

E mong oa bahoebi ntate Matete Mpao a sebeletsa Ha Thetsane lifemeng o bonts’itse a le seboko hore lifeme li koetsoe, ka hona khoebo tsa bona ha li tsamaee ka moo lin eng li tsamea ka eona. Empa o bonts’itse ntlha ea hae ele mabapi le melata e inkellang khoebo tsa bona.  Ba qothisana lehlokoa le melata likhoebong tse nyenyana.

Ka hona bareki ba ikela melateng ba lebala ka bona, ‘muso o iphapanyelitse taba ena. O re ba fihletse ho tsekisana mesebetsi le melata, o entse ts’episo hore o tl’o loana ntoa e thata hore sena se fele. O boletse ba tla nka khato ele baits’okoli ho loanela tokelo tsa bona.  

“Liranta tseo re li sebetsang ke tsona tse isang bana likolo esita le hona ho phelisa malapa a rona, ha ke le tjena batsoali baka ese ele bana baka ba phelisoa ke nna,” ho bolela ntate Mpao.

 Ha a phethela moka ona  ntate Motlere o bonts’itse ba se khahlanong le melata, empa bale khahlanong le litlokotsebe tse tloheletsoeng ke bo ramolao ka bomo. O kopile ho etsa phatlalatso ho ba ka holimo hore ho tloha kala 14 ba qalella ho sebetsana le taba tsa bona. ‘Me ka la 20 ho fihlela 21 khoeling e holimo ba tlo etsa toitoi ele ho tseka tokelo tsa bona, hoba melata e bonahala e sa tlohele likhoebo tse ts’oanetseng Basotho, a etsa mohlala ka makoenya hore melata e ikakhetse khoebong eo le eona. ‘Me ore ho lekane hoba ba bona ‘muso osa etse maoa le katamelo eo ba itseng ba tl’a e etsa hore melata e tlohele khoebo tse lokelang Basotho.