Mosotho oa heso na one o se o tsibile ka mokete o tlo tsoareloa Khutsong Lodge Maseru ka la 30 ‘Mesa 2023? Ha e ba one o sa tsebe ka mokete oo tloho o tlo keteka le ho thaba le rona mafelong a khoeli ea ‘mesa ka la mashome a mararo. Ka hoo mosotho oa heso tloho o tlo inoesa ka nkho hobane pela e ne e hloke mohatla ke ho romeletsa. Linonyana li tlabe li lula batho, e le mphete keo fete. Likhalala tsa mmino tseo li tlabe li le teng mohla letsatsi ho tlabe ho le teng Kuna ea tsebahalang ka lebitso la DJ Tseko oa Lesotho, Dimmo, Goldhearted, DJ Afro le Chixx le bang ba bangata.

Makeno ke mahala basotho ba heso. Mokete o qala ka hora ea leshome le metso e mmeli (1200hrs) ho fihlela ka mora nako(till late). Mokete ha o khethe nku ka pere, motho e mong le e mong o lumelletsoe ho ba karolo ea mokete ha a batla. Sepheo sa mokete oona ke ho phahamisa sebaka sa Khutsong Lodge hore se tsejoe lefatse ka bophara, le ho etsa kapa ho pheha chelete. Motho le motho o lumelehile ho tla a apere liaparo tseo a liratang. Motho ha khetheloe hore a apareng. Bakeng sa lino, cooler box e lefelloa M50.00 feela.

DJ Tseko kapa Kuna, o re Basotho batle, ba hlape, ba seke ba fihla morao hore ba se fumane likhalala tsa mmino tse ling li se li qetile ho natifisa mokete. Ha phaella moo, o re batho ba fihle ka nako hore ba atlehe ho imona monoana ka ho mamela libini Tse ling ha li nka karolo, hobane ba bang ba Basotho ha ba e so mamele ha libini Tse ling li letsa. Kuna o khothaletsa batho hore ba pake li cooler box tsa bona ba tle Khutsong. Kuna ha a phaella moo, o re motho e mong le e mong a tle le lerato la pelo ea hae, ho tla thaba ‘moho ba sa patale letho la ho kena ka hara sebaka sa Khutsong.

Kuna o re mokete ona o bitsoa “chill out and show off” hobane motho e mong le e mong o lumelletsoe ho tla ka lintho tseo a nang le tsona, e Kaba “jacket, shads”, lieta tsa maemo a holimo le lintho tseo motho ka mong a batlang ho etsa “show off” ka tsona.

Basotho ba heso tlohong le tlo thaba le rona, le se fetoe ke monyaolo kapa monyetla oo tsoanang le oona, hobane menyetla e tsoanang le ena e tla ha ‘ngoe ha e hlahe hangata. Bakeng sa lintlha Tse ling re letsetse nomorong ena 63690860.