LENAFU (Lesotho National Farmers Union) – Daniel Chakela

LEFAFU boikarabello ke ho bona hore Basotho baa iphepa. Seo LENAFU e se emelang ke ho bona hore lijo li hlahisoa ka bongata le ho ea mmarakeng oa machaba. Monghali Chakela o bonts’itse hore tabatabelo ea bona ke hore bahlahisi ba litholoana ba tsebane, ba hlahise ntho e ts’oanang e le ho atlehisa moruo oa naha. LENAFU le CAFI ba se ba entse hore lihoai tsa litholoana li kopane moo PS Trade le CAFI ka ntate Chaba Mokuku ba bileng kopanong Leribe moo lihoai li neng li kopane.

O bont’sitse ha litlhoko tseo ba nang le tumelo ea hore CAFI e tlo li felisa, e le khaello ea botsebi ka hara khoebo. A bots’a ha mokhoa oa poloko kamora ho kotula e bile bothata, mme liapole li tla fumana mokhoa oa hore li beoe le ha li tlohile masimong. CAFI e tla thusa ka lisebelisuoa, ho ipapisitsoe le lipehelo tsa machaba. Tsena kaofela li tlo thusa hore khoebo tsa bona li hole. E le LENAFU ba re ‘Nothing for the farmer without the farmer’, ‘me ba motlolo hoba ntate Mokuku ha a siea lihoai ka LENAFU, joalo ka mesebetsi e meng a sa atleheng hoba ba amehang ba sa kenyeletsoe ho ba karolo ea litumellano mme ba sa ikamahanye le merero. O qeteletse ka ho leboha mmuso oa Lesotho le banka ea lefats’e (World Bank) ka ho tlisa morero ona oa lihoai.