By ‘Muso Nkhasi

Basotho  ho hlaha literekeng ka ho fapana, ba kopantse matsoho ho theha koporasi  e bitsoang Basotho Development Forum Co-operative Society e le ho nena tlala.

Ka mora ho elelloa bongata ba bona mekhatlong ea bona ea marangrang ea lipolotiki, litho li ile tsa ba le tjantjello ea ho theha koporasi hang ka mora hore likhetho tse akaretsang tsa naha tsa 2022 li fete. Sepheo ke ho etsa mokhoa oa ho iphilisa le ho fokotsa sekhahla sa tlhokeho ea mesebetsi Lesotho.

Boiphihlelo ke bo matla kaha mokhatlo o se o na le bonyane litho tse fetang makholo a tšeletseng. Botle ke hore litho li tla ka litsebo tsa bona tse fapaneng e le ho atlehisa morero ona.

Litsebo tseo ba tlang ka tsona ke tsa leruo la linotši, ho sebelisa mangangajane ho hlaisa lipongpong, lebaka moo ba tla hlaisa likuku tsa manyalo le mekete ea tlhaho, ho hlaisa sesepa le temo ea lifate tsa litholoana.

Mokhatlo o ipiletsa ho Basotho ho hlaisa litholoana e le hore

mokhatlo o tle o se ke oa reka litholoana ka ntle ho naha.

Mokhatlo o mahlo a ncholo ho fihlela toro ea ho ba le feme. Sena ke mokhoa oa ho etsa khomo boela haeno o holile ho basebetsi ba malapeng ba sebetsang Africa-Boroa kaha ba tla be ba thehetsoe mesebetsi.

Likhoho tsa nama le tsa mahe ha ‘moho le leruo la likolobe li tla simolla haufinyane. Basotho ba tla fumana mesebetsi ba tla fumantšoa thupelo pele ka tlhokomelo ea tsona.

Mokhatlo o tla reka tšimo Maseru moo ba tla qala mosebetsi teng. Ba tla boetse ba ithukhubetsa ka matla temong moo ba tla sheba sebaka Leribe ka lebaka la botle ba mobu oa teng.

Basotho ba buletsoe ho ba karolo ea mokhatlo ka lekholo la maloti ho fihlela ka la robong ‘Mesa. Koporasi ena e ile ea fumana keletso ho tsoa ho monghali Palo Mohapi lekaleng la likoporasi ho reka litlhoko tsa koporasi ka lekholo leo Basotho ba ntseng ba kokota ka lona ‘me ba rekile sebuela-hole se sebetsang likopanong ,komporo ea ofisi le buka e amohelang chelete moo setho se ngolang le mojalefa oa sona.

Ha setho se se se kokotile ka lekholo la maloti, se boetse se ntša chelete ea botho e leng sekete sa maloti seo e leng sona se tla thusa ho qala mosebetsi.

Mantebaleng Maleshetla, motlatsi oa molula-setulo, o re lefu la noha ke ho tsamaea e le ‘ngoe ‘me o eletsa bacha ho ela hloko bohlokoa ba likoporasi. O re ba ikopanye ba ithehele mesebetsi ebile likoporasi li tla ba thusa ho fumana ‘maraka.