Molao oa litokelo tsa bahlolohali le batho ba nyetsoeng  ke molao oo paramente eo kentseng ts’ebetsong ka la 12 Ts’itoe 2022. Molao ona o reretsoe ho matlafatsa litokelo tsa bahlolohali. Molao ona o fa bahlolohali tumello ea ho rua le ho laola thepa e rekuoeng boteng ba balekane ba bona. E le ho ts’ireletsa bana ba amehang, molao ona o fa mohlolohali litokelo tsohle tsa bana, mme haeba motsoali a ntseng a phela e le eena a hlekefetsang bana, lelapa le ka khothaletsoa ho kena lipakeng.

Ho na le lekhotla la likamano moo ho rarolloang mathata a malapa, boemong boo e bang lehlasipa ke ngoana, nyeoe e fetisetsoa lekhotleng la bana, molao ona o tla fana ka bolulo le sebaka sa tlhabollo sebakeng sa mahlasipa. Molao o tlo sebetsana hape le li nyeoe tsa polao, boqhekanyetsi le manyalo a bana. Kotlo tsa babelaelloa e tloba tse matla haholo tse kenyelletsang bophelo bohle chankaneng, nyeoeng ea peto teng melaelloa o tlo ahloloa lilemo tse seng ka tlase ho 20 ha kahlolo ea lenyalo la bana eona e keke eaba ho lefa chelete e ka tlaase ho likete tse leshome kapa ho hoehla chankaneng lilemo tse supileng ho ea holimo.