By Ts’episo Posholi

Sepheo sa molao ona keho sireletsa sechaba sohle ho kenyeletsa bana bao e leng mahlasipa a mefuta eohle ea tlhekefetso, e kaba ka motabo, ea maikutlo le mekhoa e meng ka lapeng. Ho ea ka molao ona, tlhekefetso ea ka malapeng e ka ba mekhahlelo e mengata, e kaba ea banyalani, batho ba lulang mmoho ka thoko ho lenyalo kapa e mong eo e leng karolo ea lelapa.

Molao ona o khahlanong le liketso tsa tlhekefetso tse tloaelehileng tse kang, thobalano lipakeng tsa ngoana le motsoali, thobalano lipakeng tsa ngoetsi le ntate matsale, manyalo a hlophisitsoeng kapa a qobelletsoeng, ho kenella mosali ea fetetsoeng ke molekane, ho qobella motho ho bolla kapa ho sebelisa ngoana, ho senya thepa ea lehlasipa, ho hanela lehlasipa ka litlhoko tsa lona tsa mantlha, ke tse ling tsa liketso tse kenyeletsoang ho tlhekefetso ea ka malapeng.

Molao ona o hlalosa tlhekefetso ea ka malapeng e le ketso kapa boitsoaro boo litla morao tsa bona li ka tlisang bohloko ho lehlasipa e kaba ka thobalano kapo maikutlo. Ho sa tsotellehe likamano tsa lehlasipa le mmelaelloa, motho o fe kapa o fe ea lilemo lika tlaase ho leshome le metso e robeli ke ngoana. E le sepheo sa ho ts’ireletsa motho o feng kapa o feng ea ka iphumanang e le lehlasipa la tlhekefetso ea ka lapeng, molao ona o hlalosa ha motho ea joalo a ka fuoa setlankana sa ts’ireletso se tla lula ts’ebetsong nako ea lilemo tse hlano. Setlankana sena hase fanoe ka kopo ea molli feela empa motho o fe kappa o fe ea nang le thahasello bophelong ba lehlasipa.

Maemong a joalo, kopo ena etla nkoa ele e entsoeng ke lehlasipa ka tumello ea lehlasipa, ntle leha lehlasipa ele ngoana, motho ea nang le bothata ba kelello kapa motho ea lulang a le ka tlasa ts’uts’umetso ea tai boholo ba nako.

Setlankana sena sa ts’ireletso se fanoa ke lekhotla mme se thibela mmelaelloa ho kena kapo ho atamela sebakeng sa lehlasipa sa mosebetsi, moo lehlasipa le lulang kapo moo le etelang teng hangata leho laela mmelaelloa ho patalla litjeo tsa chelete eo lehlasipa le e sebelisitseng kapa likotsi tse bileng teng, haeba lehlasipa le lokela ho fumana tlhabollo ke mmelaelloa a tla lefella litjeo.

Haeba mmelaelloa asa ikobele melao ea setlankana sena sa ts’ireletso nakong ea lilemo tse hlano, mapolesa atla fuoa tumello ea hore motho ea joalo a ts’oaroe. Molao ona o kenyelelitse litso tsa ts’ireletso tse tla thusana ho loantsa tlhekefetso ea ka malapeng mme mookameli oa sepolesa otla etsa bonnete ba hore litsi tsohle tsa sepolesa li bula nako eohle.