By ‘Mamokone Machabe

Ho ea matsatsing ke tlholeho ho motho oa mosali kapa oa ngoanana. Sena se etsahala ho tloha ha ngoanana a qala ho kena boroetsaneng, ho tloha a le bonyane lilemong tse leshome le metso e ‘meli ho isa ho tse mashome a mahlano. Nakong ena moroetsana o hloka mesangoana eo a ka e sebelisang e le ho boloka bohloeki.

Ka lebaka la mathata a lichelete kapa bohloki, ba bang ba banana ha ba atlehe ho reka mesangoana ena, ‘me ke nakong ena banana bana ba hloloang ho fihla sekolong ka sekhahla se holimo haholo.

Lipatlisiso li supa ha banana ba ileng matsatsing ba tlameha ho lula hae bonyane matsatsi a mane khoeli le khoeli. Kakaretso ka selemo e ba matsatsi a mashome a mane, a metso e robeli.

Litaba tsena tse sisimosang pelo li ile tsa fihla tlhokomelong ea Mofumahali ‘Masenate Mohato Seeiso, ‘me eena ka selemo sa 2015 a thakhola mokhatlo oa Hlokomela Banana.

Hlokomela Banana ke letlole le reretsoeng ho thusa banana ba likolong tse mahareng ho isa ho tse phahameng, ba lilemong tsa ho ea linakong, ka ho ba fa mesangoana ea bohloeki. Sepheo sa mantlha sa letlole lena ke hore ho se be le ngoana oa ngoanana oa mosotho a hloloang ho kena sekolo ka nepo ka lebaka la bohloki ba lisebelisoa tsa bohloeki nakong ena ea tlholeho.

Ba bang ba banana ba fumaneng molemo ho tsoa ho letlole lena ha e le baithutoana, ba ile ba e ba le puisano le koranta ena ea Informative. Tlotlisang Phoku eo ene e le morutoana sekolong se phahameng sa Peka, o re ka selemo sa 2017 le sa 2018, letlole lena la Hlokomela Banana ketelong ea lona sekolong seo, le ile la abela banana mesangoana ea bohloeki. Mong le mong a fumana pakete tse tharo, thuso ena ea mo qhoba likhoeli tse tharo kaofela.

Phoku o bonts’itse ha taba eo e ile ea etsahala hape selemong se hlahlamang sa 2018 ha a ne a phethela lithuto tsa hae tse mahareng. Letlole lena le ile la thusana haholo hore ba kene sekolo ka boits’epo le ka nako ea matsatsi a bona. Sekhahla sa banana ba hlolehang ho ea sekolong sa fokotseha.

Phoku o re o qalile ho ea matsatsing ha a le lilemo li leshome le metso e mene.

“Ka lehlohonolo ke ne ke lutse ke itebetse ka mesangoana ea bohloeki ka nako eo, kaha kene ke lula matlong a sekolo moo ke neng kea hae hang feela ka khoeli. Leha ho le joalo, moo ke neng ke lula le banana ba bang hone ho ntse ho ena le ba hloloang ho reka mesangona ka lebaka la bohloki,” Phoku oa hlalosa.

Phoku a tsoelapele, “Selemong saka sa pele sekolong se mahareng, ha ke ntse ke le lilemo li leshome le metso e meraro pele ke qala linako tsaka, ke ne ke efa ba joalo mesangoana eaka hore ba thusehe kaha ‘na keso e hloke ka thata. Ha kese ke sebelisa mesangoana, ho ile hoa e ba boima ho beo ke neng ke ba thusa empa leha ho le joalo, re le banana ba lulang moo matlong a sekolo re ne re kopanya bohashana boo re nang le bona hore ba hlokang ba se hloloe ke sekolo ka lebaka la tlholeho.”

Ba ne ba sebelisa thepa e sa bolokeng bohloeki joalo ka masela eo ba neng ba a sebelisa ha ba bang ba ne ba sebelisa pampiri ea ntloaneng. Ba tlohang mahae letsatsi le letsatsi bona re ne re sa atlehe ho ba thusa ka khopolo ea hore ba lula le batsoali joale ba teng ho hlokomela maemo. Empa le bona ba ne ba ntse ba etla sekolong ka lisebelisoa tseo tse sa bolokeng bohloeki, tseo ka nako e ‘ngoe motho ea li sebelisang a neng a eba le monko o sa mamelleheng, haholo ha ho chesa. Sena se ne se ama boits’epo ba rona le boithuto ba rona ka ha ene ele monko oo motho a kekeng a atleha ho mamela letho nakong eo o kupang.

E mong oa metsoalle ea Phoku, o itse eena letlole lena la Hlokomela Banana le ile la mo thusa haholo ka ha a ne a hloka a hloloa ho ithekela mesangoana ena. Le eena o ne a qetella a sebelisitse malapi ha a le linakong ebe joale malapi ao ha a e atlehe ho thiba mali hantle, a qetella a tlotsitse liphahlo le hohle mo a n’a lutse teng. Ore boemo bona bo ne bo mo hlokisa boits’epo haholo, hoo ane a qetella a ts’aba le ho ea sekolong ha ane a le linakong. A re kamora hore letlole lena le mothuse o ne a atlehe ho kena sekolo hantle a sa fetoe ke lithuto. Pele ho moo, ka nakoananyana e telele  kelello ea hae e ne lula e ameha ha nako ea ho ea matsatsing e atamela, ka thuso ea Hlokomela Banana kelello ea kokobela a atleha ho tsepamisa maikutlo a hae lithutong tsa hae.

E le ho matlafatsa mokhatlo oa Hlokomela Banana, ka letsatsi la basali la machaba khoeling ena e holimo, Mofumahali Masenate Seeiso o thakhotse leqephe la marang-rang (www.hlokomelabanana.org.ls). Ke sebakeng sena sa letlole lena moo motho ka mong a ka fumanang lintlha ka botlalo ka letlole le ho botsa lipotso. Mofumahali o boetse o khothaletsa motho ka mong a ka lakatsag ho akhela bonyane-nyana bo itseng ka mo aka atlehang ho ntlafatsa kapo ho nts’etsapele morero oona.

Premier Foods ke e ‘ngoe ea likhoebo tse ts’ehelitseng mokhatlo ka lichelete le mesangoana ea bohloeki nakong tsa basali tsa tlholeho.

Hopola o ka fumana litaba le lits’oants’o tsa khakolo ea marang-rang maqepheng a Informative Newspaper:  Facebook, Instagram, Twitter, LinkedIn,   www.informativenews.co.ls

MESANGOANA EA BOHLOEKI KE TLHOKO EA MANTLHA EA BOTHO, HO NGOANA OA NGOANANA

Mamokone Machabe