By Mosa Maoeng

MASERU

Setsi sa naha sa toantšo ea Covid-19 (NACOSEC) ‘moho le moifo ho tsoa Lekaleng la Bophelo ba etetse leliboho la Maseru ho ea hlahloba boemo ba litšebeletso tse etsoang ke Lesotho Border Management Services (LBMS) nakong ena ea katamelo ea matsatsi a phomolo ea Keresemese.

Letona la Bophelo Mohlomphehi Semano Sekatle o boletse ha sepheo sa ho etela lelibohong la Maseru e ne e le ho ea sheba hore na ba tlo sebetsa joang nakong eena eo ka eona Basotho ba sebetsang le ba lulang naheng ea Afrika Boroa ba tlang ka hare ho naha ka bongata. A supa hore ha se lelibohong la Maseru  feela moo ba tla etsa lihlahlobo empa le malibohong a mang a kenyelletsang la Maputsoe, Botha-Bothe le hohle moo sechaba sa Basotho se kenang le teng ha se tla ka hare ho naha.

“Re tla ea le malibohong o’hle a seng molaong moo sechaba sa Basotho se kenang le teng, haholo-holo Quthing, Tele, Qacha’s Nek le Sani Pass. Re tla leka ho beha batho ba tla thusetsa, ‘me taba e kholo ea pele ke hore batho bohle ba sa entoang ba entoe ha ba kena leha ba tsoa ka hare ho naha, ea bobeli ke hore motho e mong le e mong ha a kena ka hare ho naha a hlahlojoe hore na o na le matšoao a Covid-19 kapa setla bocha sena sa Omicron ba tsebe ho fumana thuso. Batho bohle ba nang le mathata ba tšoanela ho ea lipetlele,” o boletse joalo.

Mohlomphehi Sekatle a re ba hlaloselitsoe ke basebetsi ba lefapha la LBMS hore basebetsi baa fokola ‘me batla etsa bo ‘nete ba hore ba eketsa basebetsi hore ba tle ba se ke ba ba le mathata nakong eena ea phomolo ea keresemese. A re ba se ba buisane le bomphato ka ho la Afrika Boroa ho netefatsa hore bohle ba fetelang ka hare ho naha ba hlahlobiloe. A supa hore ke kapele haholo ho tlang eketsoa basebetsi e le ho bebofatsa mosebetsi.

Ho sa le joalo, Mooki ea ikarabellang ho baoki ba sebetsang ka lelibohong la Maseru Mofumahali Maipato Sekasha Makhele o hlalositse ha ba kopile lekala ho eketsa basebetsi kaha ba fokola haholo. A supa hore haholo holo ba hloka batho ba tla ngolisa, ho hlahloba le hona ho hlabolla batho ba ka fumanoang ba na le matšoao a lefu lena la Covid-19. A re ke baoki ba leshome le metso e ‘meli (12) fela ba teng ha joale. A eketsa ka hore ba kopile li tente hore ha pula e na batho ba lo enta le ho hlahloba ba tšireletsehe.

“Lipalo tsa batho ba tšoaelitsoeng ke kokoana hloko li nyolohile haholo bekeng eena, ka letsatsi e ne e ba bo motho a le mong empa bekeng eena ke ba kabang robeli ho isa ho ba leshome ba fumanoeng ba na le matšoao a Covid-19,” a rialo.

Moemeli oa Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo (WHO) Dr Richard Banda o hlalositse ha ho na le kokoana hloko e ncha empa e so be teng ka hare ho naha, ka hona a bolela hore ho tlameha ho ba le maoala a tla a etsoa ho thibela kokoana-hloko ena ho kena ka hare ho naha. A re ba tlo matlafatsa mehato eo eleng khale e sebelisoa ho thibela seoa sena sa Covid-19 eleng ho hlapa matsoho khafetsa, ho roala limonkoana le ho beha sebaka lipakeng tsa batho. A re mehato eo e ntse e sebetsa ‘me a kopa sechaba ho lula ba e sebelisa e le eona libetsa tsa bona tsa ho itšireletsa khahlanong le seoa sena.