By: Puseletso Maqoaelane

Bacha Pele foundation ke mokhatlo o tummeng ka ho hokahanya bacha ba Basotho ba Lesotho le bahiri e le ho atolosa letsoho la bacha kholisong e hloekileng ea moruo oa naha. Sena lefapha lena le sefihlela ka ho phethisa nako ea lipotso tse lebisoang ho eena mohiri le mohiruoa ka sepheeo sa ho fenya botlokotsebe le thekisetsano ea batho.

Ho Bonts’a Thabo Sello e le emong oa basebetsi oa Bacha pele Foundation, a bile a fana ka melaetsa e bapatsang likhoebo tse fapakaneng ka sehlopheng sa lefapha leo ho marang rang a Whatsapp. O re mosebetsi oa bona o matlafala letsatsi le chabang le le likelang.

Ba etsa sena ka makhethe, ba sa shebe ts’obotsi ea motho kapa ho na ho ea ka lefufa.

Ba bapatsa likhoebo tse kholo le tse nyane ka litjeo tse tlaase haholo. Ke Basotho ba ka bang likete tse tharo le makholo a robeli ba kahar’a sehlopha sena. Likantoro tsa bona li fumaneha seterekeng sa Maseru.

Emong a motlotlo ka makhabane a sehlopha sa Bacha pele foundation Mphonyane Tae oa Botha-Bothe Masere. O re lefapha lena ka melaetsa sehlopheng seo, se ile sa mo thusa a le maqaqabetsing a masetla libete. A sa tsebe na o nka eng o e kopanya leng a qeta ho lelekoa moo a neng a tso’arisitse matsoho teng ka se reng lelapa le oele ka phatla kaha motho ea neng a mo lefa a se a ithobaletse boroko ba ho qetela.  

Haa tsoela pele o re o ile a bona poso ho marang rang a facebook ha ntse a ingoaea hlooho joalo. A etsa sohle se neng se lebeletsoe hore mokopi oa mosebetsi a se etse. Ka mor’a metsotsoana, karabo e ile ea ipetsa pele e reng a theohele.

O bonts’a ho ile hoa bapala leeba ka sefubeng sa hae. Leha ho le joalo, a letsetsa ba laolang ka har’a sehlopha sa bacha pele foundation ba etsa sohle se neng se hlokeha.

Haa bua kajeno o batola leleme ho latela monate oo ao utloang oa ho sebetsa tlasa tataiso ea moetapele a mekhoa e metle e thatiselletsang chebelo pele ea maemo a hae khoebo le a khoebo ka kakaretso.

Mpho Lipholo oa Leribe Sebothoane, ea sebeletsang Maseru Thabong o bonts’a ha khoebo ea hae e tlokoma, sesosa ke Bacha pele Foundation.

Mpho o sebetsa ka ho reka le ho rekisa makoloi. Ha moreki a hloka koloi ea mofuta o itseng o bua le Mpho e be Mpho o mo Hokahanya le morekisi. Ha tiisa litaba tsena, Mpho o re o fumana bareki le barekisi bangata ho tsoa ho Bacha pele foundation kaha metsoalle ea hae e mo nkela linepe tsa makoloi a hlokoang ebe ba mo hokahanya le ba boholong.

Reitumetse Lebona oa Thetsane, Lekhalong o bont’sa ha Bacha pele foundation e mofa likheo tsa mesebetsi tse teng ka har’a naha ka bophara. Tsena li kenyeletsa likheo tse teng tsa mosebetsi oa hae le menyetla ea khoebo. 

Sena sohle se molemo haholo mosebetsing oa ka hobane kea tseba ebile ke na le bokhoni ba ho etsa kopo ea mosebetsi, hape e nthusa ka khoebo ea ka ho etsa CV kaha re arolelana poso le babusi ba sehlopha e be bona fetisetsa melaetsa kapa lits’ebeletso ka sehlopheng ka kakaretso moo bohle ba amehang ba hlakeloang ke ntlha-ketso’’.

Ke litaba tsa Reitumetse haa toboketsa litaba tsa hae.

Bacha pele foundation ke ‘mampoli, likhoebo tsa Basotho ke liemahale.

Khotso e ea khanya metseng le metsaneng. Bana ha ba robale ba ja lijesi matsoho kaha Bacha pele Foundation e ikakhetse ka setotsoana patlong ea mesebetsi ea batsoali ba bona, likhoebo li fumaneloa bareki ba bangata ka sekhahla se phahameng haholo. Likhoebo tse nyane lia phahama eba likhoebohali.