By: Puseletso Maqoaelane
Maseru – Spot on Fades ke khoebo e fanang ka lits’ebeletso tse fapaneng tsa botle tse kenyeletsang ho loha moriri, ho kenya manala a mefuta e fapaneng, lints’i ka ho fapana le ho kuta lihlooho.
E fumaneha mohahong oa khalase o bitsoang 1010 square building ka lehlakoreng le fapaneng le keiti ea lebala la Lipitso.
Haa joale, khoebo ena e buloa ka molao e le ho hlakisa thabo le kamohelo e mofuthu e renang mahareng a basebetsi ba eona, kaha malinyane a pele a lielloa, e theolela batho ba leshome ba fihlang pele ka linyehlisetso tsa halofo ea litefiso tsa ts’ebeletso.
Mookameli oa Spot and Fades ebile e le molaoli oa Sehlopha sa Bacha Pele Foundation o bonts’a ha batho ba tla fumana lits’ebeletso tsa ho kuta moriri, ho kenya manala, le ho loha lihlooho ka mokhoa o makhethe a hlollang.
Haa tsoela pele, o re sena ke se seng se etsahetseng linakong se fetileng ‘me haa joale o bont’sa ha ba ikemeselitse ho ntsetsa pele mosebetsi ona oa bona o motle bo hlollang.
O re ba sebetsa haholo le batho ba bacha ebile kamoso ba lakatsa ho bona Khoebo ea bona e holile ho feta kajeno kahore ebile e fumanehe hohle literekeng tsa Lesotho. O re sena ba se etsa e le ho fenya bothata ba tlhokohalo ea mosebetsi.
O boela a bont’sa ha ba ikemiselitse ho tla bula thupelo eo ho tla rupela ba bang ba bacha ha khoebo entse e hola, ‘me ba tla sebetsa ‘moho ho nts’etsa pele leano la phano ea mosebetsi.
“Bacha ba bangata ka har’a naha ea Lesotho, empa ha ba sebetse, ho qekella boemo, nka ipiletsa ho Basotho bohle ba tsebang kapa ba nang le thahasello ea mosebetsi oa matsoho o fanang ka lits’ebeletso tsa botle, re iketseng kobo le lemao le Spot-on Fades kaha lehlanya le bokaneloa, bothata bona re ka bo hlola ho feta kaha se ntse re bo hlotse’’. Ana ke matsoe a Mookameli.
Joalo kaha mohale a tsoha maroleng, kahar’a ts’ebeletso ena ho bile le litho tse sebelitseng ho tloha ha e thehoa. Emong oa bona ke Moses Beela. Haa itlhalosa, o re esale a na le toro ea ho ipona a kuta batho lihlooho, joale a hloka mokhoa oa hao qala khoebo e joalo kaha a ne a hloka lisebelisoa.
O re o ile a etsa matsapa oohle ho se nko ho tsoa lemina. Haa ntsa ja masapo a hlooho joalo a qetella a fapohetse ka Spot on Fades, moo teng a ileng a amoheloa ka liatla tse mofuthu.
“Haa joale ke lai thekhe, letsolo la matsoho le nkang potsanyane kamor’a poli, ke kotsi le ho feta lehalima hakea ke lebile mosebetsi oaka, batho bohle ba kutileng mona ha ba ome mathe ha ba bua ka mosebetsi oa matsoho aka.’’ O bua mantsoe ana a tletse meokho ea thabo a bontsa mokhoa oo a thabetseng ho tsoellisa toro ena hae pele, ka holimo ho tsohle a ntse a fumana litsiane tse mo khotsofatsang.
Linonyana li lula batho ka Spot on Fades, ke li nyehlisetso tsa lits’ebeletso kaho fapana, bookameli bo ikemiselitse ho fenya sera sa naha sa tlhokahalo ea mesebetsi. Ba entse boitlamo ba ho sebetsa ka thata le ka boitelo bohle ho khotsofatsa batho ba tlileng lits’ebeletsong, basebetsi le ba tlang ho sebetsa ha khoebo ena e ata le naha.
Bacha ba lilemo li leshome le metso e robeli ho isa ho mashome a mararo a metso e meraro ba monyetleng oa ho anya ‘malitlhofa ena e letsoele le bohasuma.