Ka: Lebohang Maluke
MASERU
Moithuti oa sekolo sa temo (Lesotho Agricultural College), Hlompho Khasake o ntšetsa litsebo tsa mosebetsi oa sekolo tlasa porojeke ea Student Enterprise Project.
Hang hoba likolo li koaloe Khasake o hlalosa haa tlo tsoelapele ka ho tsosolosa ka botlalo khoebo ea hae ea temo e leng bohato boo a neng a bo qalile pele a kopana porojeke eo.
Litšebeletso tseo ba fang ka tsona tlasa morero oo oa sekolo ke ho fana ka lihlahisoa tse maemong a matle a khotsofatsang, tse omisitsoeng joaloka litlama tsa meriana (herbs).
O re ba ipabola hape mabapi leho hlahisa lipalesa tsa boleng hape tse phelang nako e telele.
Tsena ha se limela feela, ba shebane le litlama tsa meriana tseo tsona ba li hlahisang ntle le tšebeliso ea manyolo a matlafalistoeng ao a bang kotsi ho baji.
Lehlakoreng la lihlahisoa, lisebelisoa tsa bona li pharalletse. Ba fana ka litlama tse ncha le tse omisitsoeng, hammoho le lipalesa tseo tsona linang le khahlamelo moruong oa naha kaha lithusana ho phekoleng mafu a fapakaneng.
E ‘ngoe ea litekanyetso tsa mantlha tse tsamaisang mosebetsi oa bona ke phello eo limela tseo li nang le eona moruong le bophelong bo botle. Bongata ba litlama tseo ba li lemang, li na le matla a ho phekola, ha tse ling li nepahetse bakeng sa ho natefisa lijo.
Ba atleha ho hlola pheto- phetoho ea ‘maraka kaho kotula ha ba elelloa phetoho ebang teng mabapi le mohatsela oa maria.
Mariha litlama le lipalesa li lahleheloa ke boleng ka lebaka la serame. Haba qeta ho kotula ba li omisa ‘me seo se ba lumella ho tsoela pele thekiso.
Khasake o re tšusumetso ea boitiloe le lerato le tebileng la litlama le qalile lapeng ha ’mè oa hae a netefalletsoa ke lingaka hore o tšoere serame sa masapo (Arthritis), leha boholo ba lingaka li ne li re ke letšoeea (Asthma) empa a enale lero (Acid) le lengata.
Ho fihlela ‘m’e oa hae a bona setsebi sa phepo e nepahetseng moo teng a ileng a fuoa lenane la lijo, leo lona le neng le akarelletsa litlama, linoko tseo li reretsoeng ho mofa pholo.
Sena se ile sa mobula mahlo, a bona bohlokoa ba litlama bophelong ba letsatsi le letsatsi, ’me lerato la teng la tota. Khasake le ‘m’e oa hae, ba ile qalella ho lema ka bonngoe serapeng sa bona.
E ngoe ea liqholotso tseo ba kopanang le tsona ke ho fana ka tlhakisetso e tebileng ea horena lihlahiso tsena li thusana joang mobung oa bareki hobane ho thata ho bareki ho lumela leseli leo ba fanang ka lona leha boholo ba nako ba bolella bareki ho etsa lipatlisitso ho marang-rang. Leano lena le batla le basebetsa hobane kamorao ho moo ke hona barekang.
Khasake o phethela litaba tsa leeto la hae, ka hore kamorao ho phethela lithuto tsa hae tsa selemo sa pele, o ile a fumana monyetla oa ho beha tekong litsebo tsa hae Tholoana farm, Ha Motloheloa: moo teng monga khoebo eo a ne a ena le litsamaiso tse fapakaneng moo teng baneng ba lebetsoe ho hlokomela lihlahisoa tsa temo. Ka nako e ngoe ba ne ba etsoa baea kantle mebarakeng. Ke moo teng a ileng a elelloa bohlokoa ba ho kenyeletsa lipalesa ele thoholetso mosebetsing oa hae oa sekolo.