Ka:’Moelo Motsiri
MASERU
Ele ho tlotla le ho keteka baithuti ba sebelitseng ka thata ho phethela lithuto tsa bona, University ea Botho e thakhotse mokete oa makoloane, holong ea Lehakoe ka Labohlano.
Mokete ona o ne o reretsoe ho lebohisa le hona ho fa baithuti ba makholo a mararo mangolo a bona boemong ba degree.
The country head of Botho University, ‘Makhosi Hlalele o hlalositse ha morero oa mokete ona ele ho tla lumelisa le ho lebohisa baithuti bana ka litsebo tsa bona tseo ba li fumaneng sekololong sena.
“Katleho ena ea lona e bontša boithukhubetso, boitelo le sefutho seo le bileng le sona mosebetsing oa lona oa sekolo. Rea le lebohisa! tsamaeang le ilo etsa tsohle tse tla le thusa hore le phele ka mangolo le litsebo tsena tsa lona,” ho rialo Hlalele.
Hlalele o qetelletse ka ho leboha batsoali ba baithuti bana ka ha ha ba kentse letsoho tsoelopeleng le katlehong ea bona. “Hoja hase ka tšehetso ea lona batsoali, baithuti bana ba ka be basa fihla mona moo ba leng teng kajeno. Rea Le leboha,”
Hosale joalo, Motlatsi oa motsamaisi oa sekolo (Vice Chancellor) Sheela Raja Ram o lebohile baithuti bana ka ho khetha ho kena sekolo Botho le ho ba tšepa ka bokamoso ba bona. O itse ebe bahlahisi ba menyetla haba fihla kantle ka litsebo le mangolo ao a bona toantšong ea le qeme la mesebetsi.
O tsoetse pele a ipiletsa ho bo rakhoebo ho ela baithuti ba na ba bona bona hloko hobane bana le litsebo tse ka thusang likhoebo kapo mesebetsi ea bona.
Letona la thuto, Professor Ntoi Rapapa o akhetse oa hae molangoana ho thuoletsa baithuti bana. O itse ke tlotla le thabo e kholo ba ba lebohisang ka tšebetso e thata, entle, ebileng e tsoileng matsoho. O tsoetse pele a bontsa hore sekolo sena se se se fumane li katleho tse ngata ka hara naha tse akhang le ho fana ka thuto ea maleba, ke ka hoo ‘muso otla lula o se tṧehelitse kamehla.
O lebohisitse baithuti ka li lihlabelo tseo tsa li entseng ho fihlela mona, ‘moho le batsoali ba bona ka tšehetso eo ba ba fileng eona, katlehong ena ea bona kaha ele lefa leo hoseng motho aka ba tsekisang lona. O qetelletse ka ho lebohisa matichere ka mosebetsi oo bao entseng o babatsehang le bona.
Hofeta moo, Rapapa o laile makoloane ana ho sebetsa ka thata ha ba fihla mesebetsing.
“Le hopole hore le se lele mehlala ho moloko o tlang, ba shebile lona ebile ba batla ho tšoana le lona, le malapeng koana ho shebiloe lona. Ka hona le tlamea ho sebetsa ka thata le be baetapele ba kamoso,” ho rialo Rapapa.
Moketeng oo, Moporesidente oa sekolo sena, Tlotlisang Tlholane o buile le makoloane ana. O ba bontšitse liqholotso tseo tsa naha e tobaneng le tsona tseo e leng hore ka litsebo tsa bona le ho sebetsa ka thata li kaba pale ea maobane. Tse akahang le leqeme la mesebetsi. Aba bolella hore ka bona naha ena ho kaba le moo e eang teng.
“Le matsete a naha ena. Hare ne re fuoa lihlapiso ene ele hona naha ena e tsetela ho rona. Keng e letlo e etsa ka litsebo tsa tsee tsa lona ho e chencha? Naha ena e seboko, e le shebile ka leihlo la mohau hore naa lee tlosa boemong bona boo eleng ho bona joang. Kapo le tloba ba bang ba llang bareng hahona mesebetsi feela ba tšoere mekhephe-khephe ea mangolo ka matsohong?” ho botsitseTlholane .
Ke moketeng ona moo teng Revenue Services Lesotho (RSL)Commissioner General, Mathabo Mokoko a ileng a abela baithuti ba babeli ba ipabotseng lithutong tsa bona limpho.
Emong oa makoloane, Lebina Tsoloane o isitse liteboho tsa hae ho bohle ba kentseng letsoho leetong lena la bona la boithuto. O itse hone hose bobebe empa ka mohau oa Molimo ba fitile, ka hona, ho felile ke lehlohonolo.
O tsoetse pele a etsa thapeli ho makoloane ‘moho le eena ho ema ka thata ba tobane le li qholotso tse batla kopana le tsona kantle, kaha Botho University e koetlisitse linatla.
Botho University ke se seng sa likolo tse bohlokoa haholo ka hara naha ea Lesotho, se ntseng se tsoela pele ho otla le ho thekela bana ba Basotho ka lefa la thuto. Se etsa mosebetsi o moholo haholo ka hara naha ebile se tlanne se tsoele pele ho hlahlella Basotho ka litsebo tsa machaba.