Ka: ‘Moelo Motsiri
MASERU
Rapelang Manoeli, mocha ea lilemo li mashome a mararo, o iqalla khoebo e etsang lihlahisoa tsa tšepe. Ka sepheo sa ho iketsetsa boiphiliso, le hona ho tsoellellisa litsebo tsa hae tsa mosebetsi oa matsoho pele .
Puisanong le koranta ea Informative, mocha enoa o qalile khoebo ena ea hae, Serape Manufactures and Metal Works ka 2019, kamora hore a tlohele mosebetsi komponeng eo aneng a sebetsa ho eona.
Manoeli onale boiphihlelo ba ho nka mahlale ohle a hae ho iketsetsa mosebetsi hore a fetole bophelo ba hae. Ke letsoalloa la Qoaling, Ha Tsautse, ke moithuti oa mehleng oa TVD – lekala la muso le fanang ka mangolo ho bacha basa tsoelang pele likolong tse phahameng hore litsebo tsa bona tsa mesebetsi ea matsoho li seke tsa felella feela.
“Ka mora ho liela komponeng eo, ke ile ka lula hae ka lokisa likosene ka hara motse. Khabareng, ka be ke kalima chelete ho reka lisebelisoa tsa ka tse cheselletsang, ke moo khoebo eena eaka e ileng ea tsoha hona teng,” Manoeli o hlalositse.
O bile le cheseho ea ho sebetsa ka tšepe ho tloha bonyenyaneng ba hae. Ea nto tsoelellisoa pele ke kompone ena e cheselletsang eo a ileng a sebetsa ho eona. ‘me lerato la hae la eba molebe cheseletsong ea tšepe.
Khoebo ena ea hae e etsa lihlaisoa tsohle tsa tṧepe empa tse ka sehlohlolong ke likosekara.
O bontšitse hore khoebo ena ea hae e mo atlehetse hoo a sitoang le ho hlalosa, kaha a sebelisa marang rang ho bapatsa.
“Ke sebelisa Facebook ho bapatsa, ‘me e ntlisetsa ‘makara o mongata haholo. Ke boela ke thola ‘maraka ka li bareki ba ka ba khotsofalitsoeng ke mosebetsi oa ka. Ke motlotlo hoo,” ho rialo mocha enoa.
Mocha enoa o sebetsa ka thata ho khotsofatsa bareki ba hae. Emong oa bareki baa khotsofetseng, Napo Majalle o hlalosa ha Manoeli ele mohoebi a hloahloa, a etsetsang batho lintho tseo ba li hlokang, hantle ka tsela eo bali batlang ka eona.
“O nketselitse likosekara, ke mo bonts’itse naa ke batla tse joang, ‘me a li etsa lile joalo. O sebetsa ka boitelo ho khotsofatsa bareki ba hae, eseka a ka etsa le likosekara tse kholo tsa literaka,” ho rialo Napo ka thabo e khaphatsehang.
Ha mosebetsi ‘moho le eena, Thabo Manoeli a pakile mosebetsi oa Manoeli ele oo hlollang hoo motho e mong le emong a tlohang moo a thabile. “Ba bang ba be ba ithaopele ho re siela seno mapholi, Ore lakalisa ho tšoana le eena hare ba le likhoebo tsa rona,” Ho rialo Thabo, emong oa basebetsi moho.
Leha hole joalo, leetong le leng le le leng ho nale liqholotso, Manoeli le eena o thola liqholotso joalo ka bahoebi ba bang.
“Ke kopane le liqholotso tse ngata haholo, ke ile ka utsoetsoa likosekara tse peli, sena se seng se ile sa nkuoa ke emong oa basebetsi ba ka, ha se seng se ile sa utsuoa ke motho a ileng a nkela ka liphalana. E nkutloisang bohloko leho fita, ho na le batho ba ileng ba liela likosekara tsa ka ba li hirile ka keresemese ea ba ba hloloa ho li patala. Ena e ile ea thefula khoebo ea ka feta,” Manoeli ka pelo e bohloko.
O boetse a tobokelitse engoe ea li liqholotso tse ile tsa thefula khoebo ea hae ele lefu la Covid 19 moo a ileng a lokela ho tlohella khoebo ena ea hae a lo sebetsa sebakeng se seng. “Empa ke ile ka boea sekoele ka akofisa khoebo ena ea ka e nketselitseng mehlolo kajeno,”
“Ke atlehile ho reka setsa, ka bula khoebo engoe Mafeteng, le hona ho phethisa toro eaka ea ho akofisa bophelo ba ka, ke motlotlo ruri,” o rialo.
Ka morao ho tsohle tse mo hlahetseng, o bone likatleho ka khoebo ena ea hae. Chebelong pele ea hae, o itse o lakatsa hore khoebo ena ea hae e be kompone e kholo ka hare le kantle ho naha. Kaha a sea ntse a tšoere litokomane tsa ho lo bula engoe naheng ea boahelani, kaha a bone ‘maraka le teng.
Haa menyelletsa, o elelitse bacha ho sebetsa ka thata, ba iphilise ka mosebetsi oa matsoho hobane bophelo bo teng moo. “Hao itjoetsitse hore o entsa ntho, e etse. Nka risk etlao atlehela. Shebang le bacha ba bang ba tiisitseng haholo mesebetsing ea matsoho, le nke malebela hore le lona le tle le atlehe,” ho rialo Manoeli .