Ka: Lebohang Maluke
MASERU
Lekala la khoebo le mesebetsi e meholo ka lefapha la lona la lipehelo le boleng le re ele ho thusa likhoebo tse ikemetseng le naha ho hoeba merabakeng ea lefats’e ho bohlokoa ele lekala ho thakela bahoebi ka malebela mabapi le phano ea lihlahisoa tsa boleng le lits’ebeletso.
Sepheo sa thupelo ena ke hore lekala le etse bonnete ba hore bahoebi ba ithukhubetsa le kholisoang mafapheng a fapaneng a likhoebo tsa bona ‘me thupelo ena etlo lateloa ke litlholisano tsa tlhahiso tsa boleng ba lihlahisoa le phano ea lits’ebeletso tse ntlafetseng.
Moemeli ho hlaha lekaleng la khoebo le mesebetsi e meholo, Keneuoe Thamae, o re ele lekala ba ts’epa hore lithupelo tsena tseo ba li ts’oaretseng likhoebo tse kholo joaloka ka bahoebi ba banyane, li tlo thusa hore bahoebi ho hoeba tikolong ea (Sourthen African Development Community) SADC, ka lihlahisoa tsa boleng.
“Ba seke ba lula feela tabeng ea boleng ba thepa, li seke tsa luloa li finnoe, li buuoa mane le mane.” Thamae o li beha joalo haa bua ka molemo oa ho hoeba tikolong ea SADC.
Ea bileng le seabo thupelong o hlalosa hore likhoebo li lokela ho lula li ikamahanya le lithupelo tse matlafatsang ‘me lithusa hore li seke tsa putlama.
Letsoso Mohasoa o re khothaletsa bahoebi ba habo ho sebetsa ka lihlahisoa tsa boleng ho tloha ka hara boemo bo fapaneng ka hara khoebo. Ba bang ba bahoebi ‘moho ba hlolisanang ba ichebetse ho bokeletsa phaello feela ba tlolisa mahlo lihlahisoa tsa boleng hloko.
Lebitsong la khoebo e ileng ea hapa lithlolisanong, Tlhonolofatso Pakela o re o mong oa molemo eo khoebo ea hae e unneng ke boiketlaetso ba lihlahisoa le lits’ebeletso tse tsoselelitseng khoebo ea hae seriti.
Khoebo enang le seriti e hohela bareki ba bangata haholo ha lihlahisoa tsa teng ele tsa boleng.