Ka: ‘Moelo Motsiri

BEREA

Ele ho thusa bahoebi ho akofisa likhoebo tsa bona, setsibi sa poloko ea libuka Bam Group of Companies, Tšepo Moholoholo o rupela bahoebi ka bohlokoa ba ho ngolisa leho boloka libuka tsa likhoebo ‘mokeng oa khoebo Teya- Teyaneng.

Tlasa Bam Group of Companies, Finite Magazine e ile ea etsa ‘moka oa khoebo, ea mema bahoebi ba Teya-Teyaneng ho ba hlahlella ka malebela ao baka a sebelisang ho holisa likhoebo tsa bona.

Ke moo teng setsibi sena, se ileng sa rupela bahoebi ka bohlokoa baho boloka libuka tsa khoebo le ho na ho li ngolisa.

O bontšitse hore ho bohlokoa hore bahoebi ba be le libuka tse ngolang mosebetsi oa letsatsi le letsatsi oa khoebo ‘moho le chelete eo khoebo eo e e etsang ka letsatsi molemong oa hore e hole. O hlalosa bohlokoa ba bahoebi ba ho ngolisa likhoebo ele ho ba bulela mamati aka li holisang.

Moholoholo o elelitse bahoebi ho ngolisa likhoebo tsa bona ele hore ba nke karolo ntlafalong ea moruo oa naha, ba be monyetleng oa hore likhoebo tsa bona lithole mesebetsi ‘musong (tenders) le hona ho thola mekitlane lipolokelong tsa chelete nako eo likhoebo li hlokang chelete. “Ha o sa ngolisa khoebo ea hao ha ho tloba bobebe hore thole tsena tseo ke buileng ka tsona ka holimo,” ho rialo Moholoholo.

“Ho ngolisoa ho tloha ka likhoebo tse nyane, tse kholo, likoporasi, ekasita le likompone, lekaleng la khoebo Maseru empa haho hlokahale hore motho a e moo, kaha ho se ho ngolisoa le ka marang- rang,” o rialo.

O hlalositse methati eo motho a enkang ho ngolisa. O itse mohoebi o etela leqhephe la lekala la khoebo. O etsa account ebe o sa latela litataiso tsa ngoliso, qetellong o patala bohashana ba ngoliso eleng makholo a mahano le mashome a mararo a maloti (M530). Kamorao ho moo o etsa lengolo la ho hoeba (traders licence), (certificate of incorporation) le bopaki ba ho patala khafa (tax clearance). Ka tseo khoebo etlabe e felletse ka litokomane.

Ntlheng ea poloko ea libuka, o tekile hore ntho eka sehlohlolong ke hore mohoebi a ngole t’sebetso ea hae ea ketsatsi le letsatsi, ‘moho le lekeno la chelete la letsatsi ka leng, molemong oa hore e phele, ebe le monyetleng oa ho fumana lithuso tsa lichelete hae li hloka.

“Ha o sena libuka tse bontšang tsebetso ea khoebo ea hau, o keke oa fumane lithuso tsa lichelete hotsoa litsing tsa lichelete, ba tloo botsa na libuka li kae, ele hore ba bone na ha ba ka o kalima chelete, khoebo ea hao etlaba le monyetla oa ho e khutlisa naa,” Moholoholo o rialo.

Ho sa le joalo, e mong oa bahoebi Halio Nkampane o supile ha thupelo ena ele bohlokoa kaha e ba hlokomelisa le lintho tseo baneng ba sa li ele hloko le tseo lineng li ba siretse. Mohoebi enoa o supile haa tlo qalella ho boloka libuka tsa khoebo ea hae.

“Taba ena ea ho etsa moralo oa lichelete le lithekiso tsa khoebo ea ka esale ele phephetso e boima haholo  honna.  kene ke e nkile hanyane kesa e ele hloko, ‘moka ona o nthusitse haholo. Ke thabile haholo hore ke bile karolo ea oona. Ke lo qalella ho boloka libuka le ho tlohella ho utloisisa hore chelete engoe kea khoebo hase eaka,” o rialo.

Boholo ba bahoebi bo lebohile Finite ka ‘moka ona: o ba butse  mahlo tsamaisong ea khoebo le ho ba ruta bohlokoa ba ho ngolisa le ho ba tataisa ngolisong moo.

“Ruri rea leboha,” e mong oa bahoebi ‘Makamohelo Majoale haa thoholetsa.

Ho bonahala Finite e etsa letsoho la monna ho matlafatsa le ho holisa likhoebo tsa Basotho. E ikemiselitse ‘me e etsa tsena tsa khoebo literekeng tse fapaneng ho thakela bahoebi ka malebela a khoebo le ho kenya cheseho ho baso qale likhoebo hore ba li qale, ho itšematlela le ho loant’sa leqeme la mesebetsi ka hara naha.