Ka: ‘Moelo Motsiri
MASERU
Ele ho thusa bahoebi ho ngolisa likhoebo tsa bona, ho sireletsa matšoao a ikhethileng a likhoebo tsa bona ‘moho le boqapi ba bona, World Intellectual Property e rupela bahoebi ka Madrid system, Avani Maseru.
Madrid System ke leoa le sebelisoang ke bahoebi ho ngolisa likhoebo tsa bona. Le tlo ba thusa ho sireletsa matšoao a likhoebo tsa bona, boqapi le lihlaisoa tsa bona, molemong oa hore li seke tsa utsuoa hape le ho bafa monyetleng oa ho rekisa lefatše ka bophara. Linaheng tseo eleng litho tsa WIPO.
Leoa lena le tlo bapala karolo e kholo ho akofisa le ho sireletsa likhoebo tsa bana ba Basotho.
Mofumahali Debie Roeming, Motsamaisi oa Legal Division, WIP, o hlalositse methati eo bahoebi ba ka e sebelisang ho ngolisa likhoebo le ho sireletsa matšoao a likhoebo tsa bona ka leoa lena.
O itse mohoebi u qala pele o etsa kopo ea ho ngolisa khoebo ea hae, a etele ofisi ea Intellectual Property moo a batlang, a ise letšoao la khoebo ea hae le lebitso, a romelle kopo eo a be a patale bohashana ba ngoliso.
“Ebe kamorao ho moo o tla thola lengolo le bontšang hore ngoliso ea hae e phethahetse. O ngolisetsa hona mona Lesotho. Sireletsa khoebo le letšoao la hau u be u thole molemo o tlang le leoa lena,” ho rialo Roeming.
O bontšitse hore Intellectual Property e fana ka thupelo le tataiso hore na bahoebi ba tlatsa le ho romela liforomo tsa ngoliso joang. Le hona ho fana ka likeletso tsa hore na melemo ea ho sebelisa leoa lena ke efe likhoebong tsa bona.
Emong oa bahoebi, Thabang Seotsanyana oa Medi group Pty Ltd o lebohetse sehlaisoa sena sa Madrid. O bontšitse hore se bohlokoa haholo kaha setlo ba thusa ho sireletsa matšoao a likhoebo tsa bona ele hore a seke a utsuoa kapa a sebelisoa ntle ho tumelo ea bona.
“Ho na joale hona le bacha ba llang ka hore base ba bona matšoao a likhoebo tsa bona kae kae a ntse a sebelisoa ntle ho tumello ea bona ebile basa fumane le letho hotsoa ho oona. Ka leoa lena retlo sireletsa boqapi bona ba rona hore bo seke ba sebelisoa ntle ho tumello ea rona,” o rialo.
Ha menyelletsa maritsa, o entse khoelehetso ho batho ho ngolisa le hona ho sireletsa matšoao a bona hore a seke a utsuoa kapa hona ho sebelisoa ntle ho tumello ea bona. A tsoela pele a bontša hore ngoliso eena e bohlokoa ntlheng ea ha ba ntṧetsa lihlaisoa tsa bona kantle ho naha hore ebe li sirelelitsoe.
Ho sa le joalo, mohoebi emong, Kamohelo Leisa Chabana oa Leisa Clothing, o bontšitse ha leoa lena le tlo ba thusa haholo, ka ha ba tlo tseba na ba nka methati efeng hore lihlisoa ‘moho le matšoao a bona a sireletsehile.
O bontšitse hore ba se batl’o ntša lihlisoa tsa bona habobebe kaha litla be lise li ngolisitsoe. Empa e ka sehlohlolong ke hore batseteli ba tlotla likhoebong tsa bona ka leoa lena.
“Leoa lena la Madrid letlo re thusa haholo, me ke ipiletsa ho bahoebi bohle ho le sebelisa, re beng monyetleng oa ho isa lihlaisoa tsa rona kantle ho naha re nyolle moruo oa naha ea rona hobane o se o le matsohong a rona,” ho rialo Kamohelo.
Leoa lena la Madrid le bonahala le tlo etsa letsoho la monna ho thusa ho bo rakhoebo, tšireletsong ea matšoao le likhoebo tsa bona. Hore li atlehe li tsebe ho nyolla moruo oa naha. E se ka le ka sebelisoa leoa lena.