Ka: Lebohang Maluke

MASERU

Bacha ba ikopantseng ba naha ea Lesotho ba tšohla maoala le mahlale a ka thusanang kholong ea moruo oa naha, molemong oa ho qoba ho itšetleha ka lithuso le matla a lichaba tse ling.

Moka ona o kenyelelitse baetapele ba bacha le litsibi tsa moruo.

Mohlophisi oa lipuisano tsena, Kananelo Boloetse o lokolisitse mahlale ao banang le ona aka thusang naha ho ikholla naha bofumeng, ba ntse ba aha tokomane ea bacha, eo toro eleng hore ‘muso o tlo e kenye ts’ebetsong eo e tla thusana ho anela moruo mafapheng ohle a sechaba.

“Bacha ba hana tjena ba tšoarane ka matsoho, baithuti kaofela hohlaha likolong tse fapeng joaloka NUL, Limkokwing, Botho le tse ling, ba etelle, ba kopane hore re boloke tokomane ena hammoho.” Boloetse o rialo.

Ekasita le ho kenya tšutšumetso ea hore likolong, manane thuto le ona a ipapise le litlhoko tsa ha jale tsa naha.

Bacha bana ba bileng le seabo, ba re ke tlotla ho kopana hammoho ele hore batle ba soae ‘muso mohlare ka meralo enang le chebelo pele, ha naha e ka sebelisa matlotlo a eong a teng joaloka mobu oa temo.

Emong oa bacha,Tumela Moteoli o re ho molemo ho balehela temong ho feta lintho tsohle ‘me o ithutile hore bacha ba kahara ‘moka ona, banale tjantjello e matla le chebelo pele ‘me ba hloka feela ho anetsoa kaho batalatsoa hoa mabala ele mokhoa o bobebe oa ho pepesa litsebo tsa bona litabeng tsa phetoho ea moruo.

Leha hole joalo, bacha ba hlokometse hore boemo ba phetoho ea leholimo bo ama naha, tšebeliso ea lintho tse matlafalitsoeng tse sebelisoang lijalong, lipeo le liphoofolo tse ntlafalitsoeng.

Tona- Kholo ea mehleng Dr. Moeketsi Majoro le Dr. Retšelisitsoe Nko ba hlalosa bohlokoa ba boikemelo ba naha ka ho itlhahisetsa. Phepo ne fosahetseng le likoporasi tseo li seng lisa ikemela li kenya metsi ka moeli.

Dr. Majoro o utula litlaleho tse fetileng tseo lineng li bontša hore lilemong tsa pele ho tsa bo 1960, Lesotho enele naha e tummeng ka ho iphepa ekasita le ho feta linaha tsa boahelane. Kamora selemo seo ‘muso o ne o se o loantša bofuma le tlala. ‘Moka ona o lokisetsa ‘moka oa bacha o tlaba ka La 23 Motšeanong monongoaha.