Ka: ‘Moelo Motsiri
MASERU
Ka morero oa ho loantša le hlola mathata a bakoang ke leqeme la mesebetsi, Pontšo Moyeye o theha lebenkele le bitsoang Matiny General Dealer le qaluoe ka selemo sa 2022.
Moyeye ke mosali oa Mosotho ea lilemo li mashome a mane a metso e mehlano. Ke moithuti oa mehleng oa sekolo se phahameng sa Limkokwing moo teng a entseng thuto ea tsamaiso ea khoebo, e leng eona e mo kenyelitseng cheseho ea ho iqalla khoebo ea hae, ele ho qoba ho hiroa.
Puisanong le koranta ea Informative, Pontšo o hlalositse hore esale asa rate ho hiroa, empa a batla ho ik’hira hobane ho hiroa hase hona feela hoka etsang hore motho a atlehe.
Matiny general dealer e rekisa lijo (grocery), lintho tse hlapang, le boela le fana ka litšebeletso tsa marang rang tse kenyelletsang li photo-copy, laminating le scanning.
Moyeye o hlalositse hore o reheletse khoebo eena ea hae ka lebitso la hae le leng, eleng ‘Matiny’. “Likhoebo tse ngata li rehelletsoe kabo ntate, ena ea ka kee rehelletse kanna ele ho bontša hore basali le bona bana le bokhoni ba ho iketsetsa,” o rialo.
O itse o khethile ho qala khoebo ea mofuta ona hobane ho ea ka eena ke eona e nepahetseng ebileng e fanang ka chelete e ngata kaha esa khethe, e rekisa lintho tsohle.
“Khoebo ena ea lebenkele le rekisang ntho tsohle ke eona e nepahetseng, hobane ke rekisa ntho engoe le engoe hake kethe naa ke rekisang, hobane ha motho a khetha, a ka fumana hore ntho tseo a rerileng holi rekisa hali rekoe,” o rialo.
Makhoebo enoa o hlalositse hore thuto ena eo ae entseng sekolong ke eona e mo fileng cheseho ea ho iqalla khoebo, a bontša hore le leng mabaka a entseng hore a etse khoebo enele la hore esale a saa batle ho hiroa, ‘me a itjoetsa hore ka leleng o tlo iqalla khoebo eo eleng ea hae.
“ke ile ka itjoetsa hore, ka le leng la matsatsi ke tla ba le khoebo eaka, eaba 2022 kea e etsa,” ho rialo Moyeye.
O bontšitse hore leetong lena la hae la khoebo hona le li qholotso tse hlokang motho a mamellang. Ha a li manolla, o itse batho ba reka ka sekoloto ebe ba lieha ho lefa , kapo ebe haba lefe hohang, ‘me taba eo e etsa hore a lahleheloe ke phaello.
O tsoetsepele a re hona le nako eo hosa rekoeng ka bongata ‘me tse ling tsa lintho tsa hae li felloa ke nako. Ha ka lehlakoreng le leng ele moruo o putlameng o etsang hore batho ba hloke chelete ebe thekiso ea khoebo ea hae e tsamaea butle.
Haa tsoela pele o buile ka qholotso engoe eo a kekeng ae lebala bophelong, e ileng ea thefula moea oa hae, hoo abileng aba a rera ho tlohella khoebo. O hlalositse hore o ile a keneloa ka makhetlo a mabeli: khetlo la pele a nkeola ntho tse nyane, eleng mabokose a likoae. Haele le khetlo le leng a ile a senyetsoa hoo a bileng ba ipotsa hore naa ebe haa re oa lokisa otla qala kae.
“Ke ile ka lla habohloko hoo, ke utloile ke sa tsebe naa ke qala kae hae lokisa. Empa hankaba ka lahla tšepo ke ile ka phahama ka itlhotlhora kare ena eona ke batla e phele,” ho hlalosa Moyeye.
Hara liqholotso tseo, ha akaba a fela matla o ile a etsa maoala ohle ho bona hore khoebo ea hae e tsoela- pele. Haa bala likatleho tsa hae tse tlisitsoeng ke khoebo e ea hae, o bontšitse hore o atlehile ho reka: koloi, setša, ho isa morali sekolong sa boleng ‘me e mo file monyetla oa bo iphiliso.
O rapalatsa liteboho tsa hae, “Ke motlotlo hoo kanna hore le ka hara mathata a makana ha nkaba ka lahla tšepo, keile ka ema ka matla ho akofisa khoebo eaka ena e ntliselitseng likatleho tse kholo,” ho rialo Moyeye.
Haa liella likhala, o elelitse basali ba bang ho kena khoebong, hobane ho hiroa hase hona feela ho ka etsang hore ba atlehe bophelong, “Empa ho itšebetsa ho molemo hobane o etsa chelete letsatsi le leng le le leng, ‘me o fumana le monyetla oa ho etsa moralo oa hore naa chelete eo o tla e sebelisa joang, ebile o khona le ho phela,” ho rialo Moyeye.