Ka: Lebohang Maluke
MASERU
Litsitso Matube, ke mocha ea tummeng haholo Roma Maseru ka ho eta KOTA e monate e ikhethang hara tse ling, ho tloha ka Pherekhong 2021.
Ka selemo sa 2021, kamora leqhubu la COVID-19, o ile a etsa mekutu ea ho phela pele a khutlela naheng ea Afrika Boroa.
O hlalosa haholo ntlheng ea horena o hlokomela bareki joang nakong ena eo ‘maraka le moruo li fetuhileng ka tsona joang: Matube o re o lula a etsa lijo tse fapaneng papisong le tseo bareki bae ba li tloaetseng. Phetoho ea ‘maraka e bapala karolo e kholong kholisong ea khoebo, haholo ho motho eo a labalabeng ho bona khoebo ea hae e tlohile boemong bo tlase.
Leha hole joalo, o tsejoa ke batho ba bangata hobane ke eena ea susumetsang haholo ho bona khoebo ea tsebahala le hola.
Rakhoebo nako eohle o labalabela ho bona hore litlhoko tsa moreki li arabetsoe ka lijo tse hlophisitsoeng ka makhethe, tsa boemo bo phahameng leha ele tsa litjeo tse tlase.
Talenta le mahlahahlaha a hae li ananeloa ke batho le likhoebo tsa boemo bo holimo, joaloka ho nka seabo letsatsing la limaraka la FNB Africa le Vodacom Merchant exchange.
Matube o ntlafalitse sebaka sa khoebo ea hae, hobane o fumane monyetla o motle ka ho tloha hae a ea sebakeng se atametseng bareki ba hae.
Khoebo ena ea hae e ananetsoe hape ke Kota Festival Event Africa. O hlalosa ha khoebo ena e tumme haholo Lesotho.
E ngoe ea liqholotso tseo a kopanang le tsona ke, bareki bao banang le menahano oa hore KOTA e theko e boima. Batho ba rata ho nyenyefatsa lijo tse kang tsena ‘me sena se ama boikutlo ba motho a le hlophisang le ho lirekisa.
O hlalosa ha ka nako e ngoe ana leho hloleha ho fihlela tseo a neng a lirerile, ebe o nka mehato e kabang kotsi khoebong ka morero oa ho bona ea atleha. Tumelo ea hae ke ho bona lekeno la chelete le phahame. Ebang a ka lahleheloa ke chelete nakong eo a nkang mohato eo, o lumela a tla qala hape ka mafolo-folo hobane ha lekeno le khutlela ho eena oa le boloka.
Kajeno, li- Kota tsa hae li feta lijo tse ratoang tsa mabenkeleng le seterateng — lena ke letšoao la tlhōlo ea hae. Leha, leeto la hae e ka ’na eaba le qalile ka takatso ea ho tsamaea, ho hlakile hore o ne a reretsoe ho lula, ho sebeletsa, le ho atleha Lesotho, leho fa bacha ba bang morolo oa ho kena khoebong.