Ka: Lebohang Maluke

MASERU

Mokhatlo oa Private Sector Foundation of Lesotho (PSFL) o ntšitse polelo mabapi le lekhetho leo Lesotho le lokitseng ho le lefa ka thepa ea lifeme e hlahisoang Lesotho ho ea America.

President ea PSFL Kutwano Sello o phatlallelitse baphatlalatsi ba litaba hore ba leseling ka phatlalatso e entsoeng ke President Donald Trump mabapi le lekhetho le Lesotho le loketseng ho le lefa ha thepa e kena.

Sena se bonahala ele tlokotsi mabapi le thepa e tlohang Lesotho kaha likete-kete tsa Basotho li fumane mesebetsi. Kakaretso ea thepa e akaretsoa ka holimo ho $200 million.

Ba khothaletsa ‘muso ka likhato tseo ba linkileng mabapi le ho tsosolosa likamano tsa linaha tsena tse peli ka thepa e hoebisanoang tlasa AGOA (African Growth and Opportunity).

Motlatsi oa President Shabeer Moosa o etsa khoeletso ho ‘muso, batho ba khoebong ba lefapha le ikemetseng ho etsa ‘Private Sector Resilience Fund’ le tlo thusetsa tlokotsing eo ea likhoebo tse angoang ke taba ena ea lekhetho – ho etsa hore hobe bobebe ho fumana likalimo tse naleng le phahello e tlase ele ho sireletsa tahlehelo ea mesebetsi

Mokhatlo o khothaletsa ‘muso ho hokahana le linaha tse kang: European Union, Canada, India, Switzerland le China- tseo holeng bobebe ho kena ‘marakeng ea tsona.

Thabo Qhesi, o hlalosa ha hona ele monyetla oa ho fetola lihlahisoa le ho khothaletsa lihlahisoa tse etsaong kahare ho naha hore ebe tsona tse sebelisoang.

Leha hole joalo temo e be eona eka sehlohlong hobane libaka tsa ho lema liteng eka sitana le metsi.  Lesotho le loketse ho tsetela ka litsebo  tse ikhethileng, marang- rang le ntlafatso eo e tlo thusana tlhahisong.

Ba tlo tiisa maqhama a setsoalle ka hare ho Africa tlasa AFRICA Continetal Free Trade Area (AFCFTA) – seo se tlo thusa ka ho bona menyetla e mecha le ho khothaletsa mekhoa ea ts’ebelisano ‘moho.

Lesotho SOUTH Africa Business Council, eo PSFL enang le chebelo pele ea eona, e tlo thusa ho bona menyetla ea khoebisano le South Africa.

Boipiletso entse e le hore bohle ba nang le seabo ho nyeletsa ‘muso, mekhatlo le balekani ba linaha tse ling ho sebetsa ‘moho ho ntlafatsa moruo o tsitsitseng oa Lesotho.