Ka: Lebohang Maluke
MASERU
Mohlomphehi Tona- Kholo Ntsokoane Sam Matekane o khahlamelitse bahoebi ka M400 million ka kopanelo World Bank, litsing tsa polokelo ea lichelete tse fapaneng.
Kholo ea moruo oa naha – tlhahiso ea mesebetsi le liphahlo tse rekisoang linaheng tse ling liba le khahlamelo ntlafalong ea ona.
97% ea lifeme tsa Lesotho li hlahiselitse Basotho mesebetsi. Likhoebo tse nyane le tse kholo li nanabelitse letsoho ka mashome a mabeli ho isa ho lekholo la mesebetsi.
Likhoebo tsena li ikarabella ho Basotho ‘me chelete e likolohang ka hare ho tsona e nyane hobane li reretsoe litlhoko tsa bareki tsa mahae.
Leha hole joalo lifeme tse kholo li hlahisitse mesebetsi e ka holimo ho halofo lekholong papisong le mesebetsi ea ‘muso.
Mohl. Matekane o re M400 million ena e tlo thusa bahoebi ba ikemetseng ekaba ba qalang likhoebo leba seng ba sentse ba tsoela. O ba eletsa hore ba be leqhophe ha baea litsing tsa polokelo tsa lichelete. Le tsona li etse hobe bobebe ho etsa hore bahoebi ba fumane lithuso.
“Bahoebi ba ileng ba thusoa ba khutlise.” O rialo. Moruo oa naha o tla matlafala ha fela bahoebi ba ka tšepahala.
Liphuputso tsa ‘Sourthen African Development Community Investment Climate Scorecard (2023)’, li bontša ha Lesotho ho thibeleng ha botseteli bo hlahang linaheng tse ling (Foreign Direct Investment) FDI, bo phahame ho feta linaheng tsa SADC – ka linoko tse 0.40 papisong le 0.20 ea SADC.
Li boetse li supa liqholotso ele: leqeme la chelete, methati ea molao ea botseteli ena le likhoqetsane. Engoe ea likatleho ke tlhahiso ea mesebetsi e mecha ea basali – bofuma bo fokotsehile hobane litsebo tse ncha li ea eketseha.
Leha hole joalo, honale leqeme la mokhooa o bo bebe oa fumana litaba tsa lintlafatso le libaka.
Moemeli oa litsi tse ikemetseng, Fako Mohatane o re ele litsi ba labalabela ho bona lipuisano li tsamaea ka thello ho bohle banang le seabo.
‘Muso o elelletsoe tlhokahalo ea ho khothaletsa botseteli ho hlaha litsing tse ikemetse to tsetela ho bohahlauli – ka ho ntlafatsa libaka tseo li seng li ntse li le teng leho hlahisa lintho tse ncha. Bots’ehetse ba botseteli kahare ho naha boea fokola hoo ‘muso o ferehang ho khothaletsa FDI ho hohela litho tsa SADC.