Ka: ‘Moelo Motsiri

MASERU

Likeleli Phororo ke mocha ea lilemo li mashome a mabeli a metso e robeli. Ke moithuti oa mehleng oa sekolo se phahameng sa St Elizabeth Mohale’s Hoek, moo teng a neng a etsa Diploma in Secretarial Studies.

Ele ho fetola bophelo ba hae, leho phela ka tsela eo esaleng a e labalabela, Phororo o qalile khoebo ea liphahlo e bitsoang, ‘My Favourite Closet’.

Phororo ke ngoanana oa Mosotho eo e saleng a laba-labela ho apara hantle, empa habo ho ne ho kolloa ntsi hanong. Ke moo a ileng a nka qeto ea hore ka letsatsing le leng o tla  fihlela toro ea hae.

‘My Favourite Closet’ ke khoebo e qalileng ka 2021, ‘me e rekisa liphahlo ka mefuta, lintho tsa boikhabiso tse entsoeng ka khauta, le li sebelisoa tsa katlung: ho hlaha South Africa le Botswana.

Puisanong le Koranta ea Informative, Phororo o hlalosa hore o file khoebo ena ea hae lebitso, ‘My Favourite Closet’ hobane ke ‘mamoratoa oa hae moo a iterekang teng.

O bontšitse hore esale a lakatsa ho ba le liphahlo tse ntle joaloka bana ba bang, ka hona, khoebo eena ea hae e bapala karolo e kholo.

Haa hlalosa leeto la hae, o bontša hore o qalile a sebetsa lifemeng, moo a ileng a bona hore ho sebetsoa ka thata empa ba lefuoa hanyane.

“Ke ile ka buoa le ausi oa ka ka mo hlalosetsa hore hake bone eka ke tla loka ho sebetsa lifemeng, kamo amela morero oa ka oa ho rekisa liphahlo, ‘me a ntataisa hore naa nka etsa joang, ho tloha moo ka be ke se bile ke ithuta ho reka le ho rekisa liphahlo ka marang rang,” ho rialo Phororo.

Leha ho le joalo, o hlalosa hore ho tloha nakong eo a qalileng khoebo, o bona e atlehile hoo asa kholoeng.  O tobokelitsa  hore o bona emo etsetsa phaello hoo a nang le monyetla oa ho iphilisa  le ho thusa ‘m’e oa hae.

“Ekare kea sebetsa ke khoebo eena eaka, ke khona ho phela bophelo boo esaleng ke bo laba labela, ke khona ho phethisa toro eaka ea ho apara hantle ka tsela eo esaleng kee labalabela ho tloha bonyaneng ba ka,” o rialo.

O hlaisitse sekheo sa mosebetsi, moo teng a hirileng mosebetsi ale mong, ho latela tsela eo a boneng e hola kateng papisong le ha ene e qala.

“Selemo se seng le se seng ke selemo sa mehlolo, ke bona liphetoho tse kholo khoebong eena eaka, e lula entse e hola ‘me ke thabo e khaphatsehang honna,” Phororo oa hlakisa.

Mocha enoa o hlalositse hore, o fumana bareki ho marang-rang ‘facebook’’me oa li lefella ho bahoebi ba bapatsang likhoebo. Sehlopheng sa hae sa ‘Whatsaap’ teng o fumana bareki ho tsoa ho bareki ba bang ba hae moo ba tlisang batho ba bang.

“Ke thaba haholo ha ke bona batho ba thabela lintho tseo ke li rekisang ebile ba tlisa batho ba bang. Taba eo e holisa khoebo ea ka le ho mpha boitšepo ba hore ke fa batho lintho tseo ba li batlang. Ke thola bareki ba thabileng hoo ba mphang limpho, ke hopola ‘m’e e mong a nromelletse chelete,” o rialo.

Leetong la hae Phororo o thathamisa liqholotso tseo a kopaneng le tsona: khatello ea maikutlo, motho e mong o reka ale seterekeng se kantle ho Maseru, hobane a bone liphahlo li le ntle hali aperoe ke ena kapo emong oa batho bao a bapatsang ka bona, ebe joale hae fihla ho eena a bona esa mo tšoanele, moreki a batle li khutle, joale e be pharele.

O bontša hore, o reka liphahlo tsena mabenkeleng naheng ea bo-ahelane. Motho o tlabe a khetha naa u reka liphahlo le boemo bo feng, hali fihla mona lisa mo lekane o tlabe a tonela eena mahlo, a lebelletse hore a tle ka tharollo, feela ele eena a ikhethetseng tsona. “Liqholotso tsena li mpea tlasa khatello hoo,” o rialo.

Le tlasa mathata ana, Phororo haa felloe ke matla, o sebetsa ka thata ho ntlafatsa khoebo ea hae, ebile o e lakaletsa hore e sebetse hantle le ho feta mona nakong etlang.

Ha a liella likhala, o etsa khoelehetso ho bacha ho ithehela likhoebo ho fokotsa sekhahla sa tlhokahalo ea mesebetsi, leha ba ntse ba sebetsa ba hopole hore mesebetsi hase lefa – motho haa tsebe hore naa ena otla mo fella neng.